Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 9/15 leq. 32
  • Lintho Tse ka re Thusang ho Laola Maikutlo a Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tse ka re Thusang ho Laola Maikutlo a Rōna
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 9/15 leq. 32

Lintho Tse ka re Thusang ho Laola Maikutlo a Rōna

NA KA linako tse ling maikutlo a mabe a laola bophelo ba hao? Na u khena le feela, u halefa habonolo kapa u teneha kapele? Na ho bonahala eka u imeloa ke matšoenyeho? Ke eng e tla u thusa?

Maikutlo a batho a fetoha khafetsa bophelong. Empa bophelo bo ba monate haholo ha a laoloa. Leha ho le joalo, Bibele e lumela hore “khatello feela e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya.” (Moeklesia 7:7) Lefatšeng lena le tletseng pefo le likotsi tse ngata, ke mang ea sa angoeng ke lintho tseo a li bonang li etsahala? Leha ho le joalo, Mangolo a boetse a re: “Ha ho letho le molemo ho feta hore motho a thabe mesebetsing ea hae.” (Moeklesia 3:22) Kahoo, e le hore re thabele bophelo haholo, re lokela ho ithuta ho ba le maikutlo a matle a tla re thabisa. Re ka etsa’ng e le hore re be le maikutlo a matle, ’me re laole a mabe?

Hangata re ka iphokoletsa maikutlo a mabe ka hore re etse lintho tse nang le thuso. Ka mohlala, ha re tšoenyehile ka lebaka la lintho tseo re ke keng ra li lokisa, na ha ho molemo hore re etse lintho tse fapaneng le tseo re tloaetseng ho li etsa kapa re fetole maemo ho e-na le ho lohotha ka se re tšoenyang? Ho otlolla maoto, ho mamela ’mino o khathollang, ho ikoetlisa ka matla, kapa ho thusa motho e mong ea hlokang, ho ka ’na ha re khatholla le ho re thabisa ka tsela e itseng.—Liketso 20:35.

Leha ho le joalo, tsela e molemohali ea ho leleka menahano e mebe ke hore re tšepe Mōpi. Haeba menahano e mebe e sa khaotse, re lokela ho ‘lahlela matšoenyeho ’ohle a rōna ho Molimo’ ka thapelo. (1 Petrose 5:6, 7) Bibele ea re kholisa: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng . . . Litlokotsi tsa ea lokileng li ngata, empa Jehova o mo lopolla ho tsona kaofela.” (Pesaleme ea 34:18, 19) Ke eng e ka re kholisang hore Molimo e ka ba ‘thuso ea rōna le Mopholosi oa rōna’? (Pesaleme ea 40:17) Ke ho ithuta Bibele le ho nahana ka mehlala ea sebele e bontšang hore Molimo o hlile o thahasella boiketlo ba bahlanka ba hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela