Li Bolella Batho ba sa Utloeng Litsebeng Litaba Tse Molemo
“LI U tlisetsa litaba tsa moea!” Ke kamoo haufinyane tjena motsamaisi oa lehae la maqheku le Navalcarnero, Madrid, Spain, a ileng a hlalosa maeto a Lipaki Tsa Jehova ha li etela setsing sa hae. O ile a susumetsoa ke’ng hore a bue joalo?
Batho ba ’maloa ba lulang setsing sa Rosas del Camino ha ba utloe litsebeng. Leha ho le joalo, kaha Lipaki li entse boiteko ba ho ithuta Puo ea Matsoho ea Spain, li khona ho buisana le batho bana ba lulang moo. Motsamaisi eo o ile a babatsa Lipaki ka ho tela nako ea tsona li ruta batho ba hlokang thuso e khethehileng lithuto tsa Bibele li sa ba lefise. O ile a hlokomela kamoo thuto ea litaba tse molemo tsa ’Muso e neng e hlahisitse liphello tse ntle kateng ho batho ba lulang moo. ’Me baahi bao ba moo—haholo-holo ba nang le bothata ba ho bona kapa ba ho utloa—le bona ba ananela ho eteloa ke Lipaki haholo.
Hona joale, e mong oa batho ba lulang moo, ea bitsoang Eulogio, ea sa boneng ea bileng a sa utloeng litsebeng, o ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ka letsatsi le leng ha thuto e ntse e tsoela pele, monna-moholo e mong o ile a atamela ’me a fa Paki thothokiso eo batho ba lulang moo ba neng ba e qapile e le ho bontša kananelo. Sehlooho sa thothokiso eo se ne se re, “Ho ba Paki.” Karolo e ’ngoe ea eona e ne e re: “Li phela hamonate, li itšoere hantle, ’me li fumana bohlale bo thabisang bo tsoang ho Jehova. Li etela matlong a batho khafetsa hobane li tšepile Jehova.”
Ka lebaka lona leo la ho tšepa Jehova, Lipaki tse ngata lefatšeng lohle li ithutile puo ea matsoho e sebelisoang ke batho ba sa utloeng litsebeng ba linaheng tsa habo tsona. Ka tsela eo, li bolella batho ba joalo molaetsa o khothatsang oa tšepo o fumanoang ka Bibeleng.