Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 3/1 leq. 32
  • Na U Batla ho ba le Metsoalle e Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Batla ho ba le Metsoalle e Molemo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 3/1 leq. 32

Na U Batla ho ba le Metsoalle e Molemo?

BATHO ba bangata ba batla ho ba le metsoalle e molemo. Ho phetela metsoalle ea hao lintho tseo u fetileng ho tsona bophelong ho etsa hore bophelo ba hao e be bo thabisang haholoanyane. Empa u ka fumana metsoalle ea ’nete joang? Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, Jesu o ile a bontša hore tsela ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho atleha litšebelisanong tsohle le batho ke ho ba le lerato le se nang boithati. O ile a ruta a re: “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.” (Luka 6:31) Polelo ena eo hangata e bitsoang Molao oa Khauta, e bontša hore u lokela ho ba motho ea se nang boithati le ea fanang e le hore u be le metsoalle. Ha e le hantle, hore u be le motsoalle, u lokela ho iketsa motsoalle. Joang?

Setsoalle se haufi le se mofuthu hase ntho e ka etsoang ka ho panya ha leihlo feela. Etsoe, motsoalle hase motho feela eo u tsebanang le eena. Ke motho eo maikutlo a hao a khomarelang ho eena. Ho ba le tlamahano e haufi joalo le ho e boloka ho hloka hore motho a etse boiteko. Hangata setsoalle se hloka hore u eteletse litlhoko tsa motsoalle oa hao ka pele ho boiketlo ba hao. Metsoalle e thaba ’moho ebile e lla ’moho.

U bontša hore u motsoalle oa ’nete haholo-holo ka hore u tšehetse motho e mong ha a tepeletse le ka tsela ea sebele ha a hloka tšehetso e joalo. Liproverbia 17:17 e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” Ha e le hantle, maqhama a setsoalle a ka ba matla le ho feta maqhama ao re bang le ’ona le ba lelapa. Liproverbia 18:24 e re: “Ho na le metsoalle e ratang ho tsekollana, empa ho na le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.” Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng mabapi le hore na setsoalle se molemo joalo se ka hlaoleloa ka tsela efe? Na u ka rata hore u be e mong oa batho ba tsejoang ka lerato har’a bona? (Johanne 13:35) Haeba ho joalo, Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u bontša kamoo u ka fumanang metsoalle ea ’nete motseng oa heno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela