Tokelo ea ho ba le Lebitso
MOTHO e mong le e mong o na le tokelo ea ho ba le lebitso. Tahiti, esita le lesea le lahliloeng le qetang ho hlaha leo ho sa tsejoeng batsoali ba lona le rehoa lebitso. Ofisi e bolokang litlaleho tsa ’muso e khethela ngoana eo ea lahliloeng lebitso le fane.
Leha ho le joalo, ho na le motho a le mong eo ka tsela e itseng a tinngoeng tokelo ena ea mantlha, e leng tokelo e fuoang hoo e ka bang batho bohle. Ho makatsang ke hore ke “Ntate, eo lelapa le leng le le leng leholimong le lefatšeng le bitsoang ka eena”! (Baefese 3:14, 15) Bonneteng, batho ba bangata ba hlile ba hana ho sebelisa lebitso la ’Mōpi joalokaha le hlaha ka Bibeleng. Ho e-na le ho le sebelisa, ba khetha ho sebelisa litlotla tse kang “Molimo,” “Morena,” kapa “Oa ka ho sa Feleng.” Joale lebitso la hae ke mang? Mopesaleme o araba potso eo ka ho re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—Pesaleme ea 83:18.
Ha baromuoa ba Mokhatlo oa Baromuoa oa London ba ne ba fihla Tahiti mathoasong a lilemo tsa bo-1800, batho ba Polynesia ba ne ba rapela melimo e ’maloa. Molimo e mong le e mong o ne a e-na le lebitso le mo khethollang, ’me melimo e ka sehloohong e ne e le Oro le Taaroa. E le hore ba khetholle Molimo oa Bibele ho melimo e meng, baromuoa bao ha baa ka ba tsilatsila hore ba sebelise lebitso la Molimo ka ho pharaletseng, le ngoloang e le Iehova ka Setahiti.
Batho ba ile ba tloaela ho sebelisa lebitso leo haholo ha ba qoqa letsatsi le letsatsi le ha ba ngollana. Morena Pomare II oa Tahiti, ea neng a busa mathoasong a lilemo tsa bo-1800, o ne a le sebelisa hangata ha a ngola mangolo. Bopaki ba seo bo hlaha lengolong le bontšitsoeng mona. Lengolo lena le ngotsoeng ka Senyesemane, le bontšitsoe Musiamong oa Tahiti le Lihlekehlekeng tsa Eona. Lengolo lena le paka hore ka nako eo batho ba ne ba se na bothata ba ho sebelisa lebitso la Molimo. Ho feta moo, lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a likete-kete phetolelong ea pele ea Bibele ea Setahiti, e ileng ea phetheloa ka 1835.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Morena Pomare II
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 32]
King and letter: Collection du Musée de Tahiti et de ses Îles, Punaauia, Tahiti