Ho Finyella Pelo ea Ngoana
NA U kile ua utloa bohloko ha u bona ngoana a bapala lipapali tsa ntoa? Kaha boithabiso bo tletse pefo feela, ho tloaelehile ho bona lintho tse joalo esita le har’a bana ba banyenyane haholo. U ka thusa ngoana joang hore a rate lipapali tse se nang mabifi ho fapana le ho rata lipapali tsa ntoa? Waltraud, e leng moromuoa oa khale oa Lipaki Tsa Jehova Afrika, o ile a fumana tsela ea ho thusa moshanyana e mong ho etsa joalo.
Waltraud o ile a tlameha ho tloha naheng eo a neng a lula ho eona eaba o fallela naheng e ’ngoe Afrika ka lebaka la ntoa. Ha a le moo o ile a qala ho ithuta Bibele le ’mè ea nang le moshanyana ea lilemo li hlano. Neng le neng ha a ne a etela ’mè eo, o ne a fumana moshanyana enoa a bapala ka sethunya se senyenyane sa polasetiki, e leng eona feela ntho ea ho bapala eo a neng a e-na le eona. Ho ne ho se mohla Waltraud a kileng a bona moshanyana enoa a supile ntho leha e le efe ka sethunya, empa kamehla o ne a bula sethunya a bile a se koala, joalokaha eka o se hlahlela likulo.
Waltraud o ile a re ho moshanyana enoa: “Werner, na ua tseba hore na ke hobane’ng ha ke lula naheng ea heno? Ke ka lebaka la ntoa—ke ile ka tlameha ho baleha naheng eo ke neng ke lula ho eona e le hore ke pheme banna ba kotsi ba neng ba thunya batho ka lithunya tse tšoanang le sena sa hao. Na u nahana hore ho thunya batho joalo ho lokile?”
Werner o ile a araba a soabile a re: “Che, ha hoa loka.”
Waltraud o ile a re: “U nepile.” Eaba oa botsa o re: “Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha ke etela uena le ’mè oa hao beke le beke? Ke hobane Lipaki Tsa Jehova li batla ho thusa batho hore ba be khotsong le Molimo le batho ba bang.” Ka tumello ea ’mè oa Werner, Waltraud o ile a re ho eena: “Ha u ka mpha sethunya seo sa hao, ke tla se lahla, ’me kea tšepisa hore ke tla u rekela teraka ea ho bapala e nang le mabili a mane.”
Werner o ile a fa Waltraud sethunya sa hae sa ho bapala. Werner o ile a lokela ho leta libeke tse ’nè, empa ntho ea hae e ncha ea ho bapala e ile ea fihla—e ne e le teraka ea ho bapala e entsoeng ka mapolanka, ’me o ile a e amohela ka thabo e khōlō.
Na u ipha nako ea ho bua le bana ba hao, u leka ho finyella lipelo tsa bona hore li ba susumeletse ho lahla lintho tsa ho bapala tseo e kang libetsa tsa ntoa? Haeba u etsa joalo, u tla be u ba ruta thuto e tla ba tsoela molemo bophelong bohle ba bona.