Ba Hōlileng ha ba Tsotelloe, Ebile Baa Sotloa
HA MOLEBELI e mong a ntse a potoloha le motse, o ile a nyarosoa haholo ke seo a ileng a se bona. Ka ntle ho mohaho o motlehali oa bolulo, o ile a bona litopo tse peli tsa banyalani ba hōlileng ba neng ba itihetse ka fensetere foleteng ea bona e mokatong oa borobeli. Le hoja ho ipolaea ha bona e bile ntho e tšosang, empa ho tšosang le ho feta e ne e le lebaka leo ba ipolaileng ka lona. Lengolo le ileng la fumanoa ka pokothong ea monna le ne le baleha tjena: “Re ipolaea tjena ka lebaka la ho lula re sotloa le ho hlekefetsoa ke mora oa rōna le ngoetsi ea rōna.”
E ka ’na eaba ketsahalo ena ke e sa tloaelehang, empa lebaka leo e etsahetseng ka lona le tloaelehile ka tsela e tšosang. Ruri ho hlekefetsoa ha batho ba hōlileng ho batla ho ama lefatše lohle. Nahana ka litaba tse latelang:
• Phuputsong e ’ngoe, ho batho ba hōlileng ba lekholo ba Canada, ba bane ba ile ba tlaleha hore ba ’nile ba sotloa le ho tšoaroa hampe—hangata ke mong ka bona. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba hōlileng ba hlajoa ke lihlong haholo hore ba bue ka maqakabetsi a bona kapa ba tšaba ho bua ka ’ona. Litsebi li bolela hore e ka ’na eaba palo ea ’nete ea ba tšoaroang hampe e atamela karolo ea leshome lekholong.
• Makasine ea India Today e tlaleha tjena: “Sechaba sa India se bonahalang eka se na le maqhama a matla a lelapa, se ntse se fokola ka lebaka la palo e ntseng e eketseha ea batho ba hōlileng ba sa ratoeng ke bana ba bona.”
• Ho ea ka lipalo-palo tsa Setsi sa United States se Shebaneng le Tlhekefetso ea ba Hōlileng, “batho ba Amerika ba ka bang milione e le ’ngoe ho isa ho tse peli ba lilemo li 65 kapa ho feta ba ’nile ba lematsoa, ba hlekefetsoa kapa ba tšoaroa hampe ke batho bao ba neng ba tšepile hore ba tla ba hlokomela kapa ba ba sireletse.” Motlatsi oa ramolao oa setereke oa San Diego, California, o bolela hore ho hlekefetsoa ha batho ba hōlileng “ke e ’ngoe ea litaba tse ka sehloohong tseo baphethahatsi ba molao ba shebaneng le tsona kajeno.” O phaella ka ho re: “Hoo ke ho bonang ke hore bothata bona bo tla ’ne bo eketsehe lilemong tse seng kae tse tlang.”
• Canterbury, New Zealand, ho na le boemo bo tšoenyang bo ntseng bo eketseha ba hore ba hōlileng ba hlaseloa ke beng ka bona ka lebaka la matlotlo a bona le lichelete tsa bona—’me ba hlaseloa haholo-holo ke beng ka bona ba nang le mathata a lithethefatsi, a bokhoba ba tahi kapa a ho becha. Palo ea liketso tse ileng tsa tlalehoa tsa ho hlekefetsa batho ba hōlileng Canterbury, e ile ea eketseha haholo ho tloha ho ba 65 ka 2002 ho ea ho ba 107 ka 2003. Motsamaisi e moholo oa setsi se thehiloeng hore se thibele tšoaro e mpe joalo o bolela hore e ka ’na eaba palo eo e emela ‘liketsahalo tse fokolang haholo ha ho bapisoa le palo ea batho ba bangata haholo ba hlileng ba hlekefetsoang.’
• The Japan Times e tlaleha hore Mokhatlo oa Japane oa Babuelli ba Molao o ile oa eletsa hore “batho ba hōlileng ba hlekefetsoang ba lokela ho eloa hloko ho feta bana ba hlekefetsoang kapa leha e le bafe ba bang ba tšoaroang hampe malapeng.” Hobane’ng? Times e bolela hore lebaka le leng ke hore “ha ho bapisoa le tlhekefetso ea bana kapa ea balekane, hangata ho nka nako e telele hore tlhekefetso ea batho ba hōlileng e hlahelle, lebaka le leng ke hore batho ba hōlileng ba itjarisa molato ha ba hlorisoa ke bana ba bona, hape lebaka le leng ke hore ’muso le ba boholong libakeng ka ho fapana ba hlōlehile ho rarolla bothata bona ho fihlela joale.”
Mehlala ena e seng mekae ea se etsahalang lefatšeng lohle e etsa hore re ipotse: Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba hōlileng ba sa tsotelloe ebile ba sotloa? Na ho na le tšepo ea hore lintho li tla loka? Na ba hōlileng ba ka fumana matšeliso?