Ketelo e Ileng ea Etsa Hore ke Sokolohe e le Kannete
MOHLOMPHEHI e mong ea ileng a eteloa ke basetsana ba babeli ba Lipaki Tsa Jehova o ile a ngola a re: “Ke ne ke labalabela ho phetela bana ba ka ka ‘mangeloi’ a mabeli ao Molimo a ileng a nthomella ’ona.” Libeke tse seng kae pele ba mo etela, o ne a hlokahalletsoe ke mosali oa hae eo a neng a phetse le eena ka lilemo tse 45. O ne a ferekane. Bana ba hae ba baholo ba ne ba mo tšelisitse, empa ba ne ba lula hōle. Ho ne ho se metsoalle le baahelani ba neng ba kile ba mo etela.
Ha basetsana bana ba ne ba mo etetse, monna enoa o ile a re: “’Na le Molimo ha re buisane.” Leha ho le joalo, ba ile ba mo hlomohela pelo eaba ba mo siela pampitšana ea Bibele e nang le sehlooho se reng, Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? O ile a e bala mantsiboeeng ao eaba oa tšeliseha.
Nakoana ka mor’a moo, basetsana bane ba babeli ba Bakreste ba ile ba khutla. Ba ne ba ile ba hopola kamoo a neng a saretsoe kateng ha ba ne ba mo etetse ’me ba ile ba ea bona hore na o ntse a e-ea joang. Hamorao monna enoa o ile a ngola a re: “Ke ile ka makala haholo hore ebe batho ba babeli bao ke sa ba tsebeng ho hang ba ka ntsotella le hore ba ne ba rata ho mpona ke thabile.” O ile a khothatsoa ke litaba tseo ba ileng ba mo bolella tsona tse tsoang ka Bibeleng. Basetsana bana ba ile ba bolela hore ba tla mo etela hape. Mohlomphehi enoa o ile a thaba ’me a susumelletseha hore a ngole mantsoe a boletsoeng lengolong le ka holimo leo a ileng a le romella Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng seo.
Pele a fallela haufi le mora e mong oa hae, monna enoa o ile a ba teng sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova a ba a ea lijong habo e mong oa basetsana bana. O ile a ngola a re: “Kea tloha sebakeng sena, empa kamehla pelong ea ka le lithapelong tsa ka ke tla hopola bacha bao le kereke ea lōna. Ka sebele hona joale ke rapela haholo. Ke sokolohile e le kannete. Bacha bao ba entse ho hoholo ntlheng ena, ’me ke tla ba leboha kamehla.”