“Ho Tloha Kajeno, Kea Lumela Hore Molimo o Teng”
MOSALI e mong oa Ukraine ea bitsoang Alexandra, ea lulang Prague, Czech Republic, o ne a leba hae a tsoa mosebetsing. Ha a le seemelong sa libese, o ile a bona sepache fatše, batho ba fetang ka tsela ba ntse ba se raha feela. Ha a nka sepache seo ’me a sheba ka hare, ha aa ka a lumela seo a se bonang. Ho ne ho e-na le moqooa oa chelete ea lipampiri oa li-koruna tse 5 000! Haufi le eena moo ho ne ho sa bonahale ho e-na le motho ea ntseng a batla sepache seo. Kaha Alexandra o ne a tsoa naheng esele a lula Czech Republic, o ne a hlile a hula ka thata. Ebe o ne a tla etsa’ng?
Ha Alexandra a fihla lapeng, o ile a bontša morali oa hae Victoria sepache seo. Ba ile ba phenyekolla sepache seo ba sheba lebitso le aterese ea mong’a sona empa ba se ke ba fumana letho. Leha ho le joalo, ka sepacheng seo ho ne ho e-na le sekhechana sa pampiri se neng se ngotsoe linomoro. Ka lehlakoreng le leng la pampiri eo ho ne ho ngotsoe linomoro tsa ak’haonte ea banka, ’me ka lehlakoreng le leng ho ngotsoe linomoro tse ling. Ka sepacheng seo ho ne ho bile ho e-na le litaelo tse bontšang hore na banka e hokae le molaetsa o mokhutšoanyane o reng “li-koruna tse 330 000” (hoo e ka bang R84 000). Chelete e neng e le ka sepacheng seo e ne e hlile e le eona eo hantle.
Ha Alexandra a leka ho founela bankeng a sebelisa linomoro tseo ho neng ho bonahala eka ke tsa thelefono, ha aa ka a atleha. Kahoo eena le morali oa hae ba ile ba ea bankeng ’me ba hlalosa se neng se etsahetse. Ba ile ba botsa ka nomoro ea ak’haonte eo ba neng ba e fumane ka sepacheng. Leha ho le joalo, banka e ne e se na tlaleho ea letho ka ak’haonte eo. Letsatsing le latelang, Alexandra o ile a khutlela bankeng a tlile le nomoro e ’ngoe e neng e le ka sepacheng seo. Ha e le hantle nomoro eo ea ak’haonte e ne e le teng bankeng eo, e le ea mosali e mong ea neng a boloka chelete ea hae moo. Alexandra le Victoria ba ile ba buisana le mosali eo, ’me a tiisa hore ehlile o lahlehetsoe. Qetellong ha ba kopana, mosali eo o ile a ba leboha haholo eaba oa botsa, “Le batla ke le fe eng hore le khutlise chelete eo?”
Victoria o ile a araba a re: “Ha ho letho leo re le batlang. Haeba re ne re batla chelete, re ka be re inketse eona.” Victoria o ile a hlalosa ka Seczech sa hae se fokolang, a re: “Re u khutlisetsa chelete ena hobane re le Lipaki Tsa Jehova. Matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ke Bibele ha a re lumelle hore re ipolokele seo e seng sa rōna.” (Baheberu 13:18) Mosali enoa o ne a thabile haholo ha a re, “Ho tloha kajeno, kea lumela hore Molimo o teng.”