Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 8/15 maq. 2-3
  • Ba Bonolo ba Tla ja Lefa la Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Bonolo ba Tla ja Lefa la Lefatše
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Paradeise eo Bibele e Buang ka Eona e Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ‘Lefatšeng, Joaloka Leholimong’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tsela ea ho Khutlela Lehaeng la Paradeise
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 8/15 maq. 2-3

Ba Bonolo ba Tla ja Lefa la Lefatše

“’Na ke nahana hore pōpo e tla fetoloa e be e ntlafatsoe. . . . Eseng hosasane hoseng, empa nakong e tlang e hōle haholo, ha ho tla be ho e-na le leholimo le lecha le lefatše le lecha.”—Jean-Marie Pelt, e leng setsebi sa Lefora sa tikoloho.

KA LEBAKA la ho nyahamisoa ke maemo a lefatše, a tikoloho le a kahisano, batho ba bangata ba ka rata ho bona lefatše lena la rōna le fetoha paradeise. Leha ho le joalo, takatso ena hase toro e qalang lekholong lena la bo21 la lilemo. Bibele e ile ea tšepisa esale khale hore Paradeise e tla tsosolosoa lefatšeng. Mantsoe a Jesu a reng “ba bonolo . . . ba tla ja lefa la lefatše” le a reng “thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong,” ke a mang a mantsoe a tsejoang haholo a Bibele. (Matheu 5:5; 6:10, Bibele ea Sesotho) Leha ho le joalo, kajeno batho ba bangata ha ba lumele hore lefa la ba bonolo e tla ba paradeise ea lefatšeng. Batho ba bangata ba bolelang hore ke Bakreste, ha ba sa lebeletse Paradeise.

Makasine ea beke le beke ea Sefora e bitsoang La Vie e hlalosa hore na ke hobane’ng ha e le Kerekeng e K’hatholike haholo-holo moo batho ba seng ba sa lumele hore ho tla ba le paradeise—ebang ke lefatšeng kapa leholimong: “Ka mor’a hore [khopolo ea] paradeise e be thuto e ka sehloohong ka lilemo tse ka bang makholo a 19, ha ho sa buuoa ka eona liretereteng, litherong tsa Sontaha, lithutong tsa bolumeli le lihlopheng tsa thuto ea katekisima.” Ho boleloa hore moelelo oa lentsoe ‘paradeise’ o patiloe ke hore batho ha ba le utloisise ebile ba ferekantsoe ke hore na le bolela eng.” Baruti ba bang ba le qoba ka boomo hobane le “bua haholo ka ho ba le thabo lefatšeng.”

Frédéric Lenoir eo e leng setsebi sa thuto ea kahisano, haholo-holo litabeng tsa bolumeli, o bolela hore khopolo ea paradeise e se e le “maikutlo feela tjee a se nang moelelo.” Ka ho tšoanang, Jean Delumeau, eo e leng rahistori le sengoli sa libuka tse ngata tse buang ka taba ena, o na le maikutlo a hore litšepiso tse ngata tsa Bibele li ke ke tsa phethahala ka tsela ea sebele. Oa ngola o re: “Potsong e reng, ‘Ke eng e sa ntsaneng e setse ea Paradeise?’ Bakreste ha ba araba ba re: Ka lebaka la tsoho ea ’Moloki, ka letsatsi le leng re tla sebelisana ’me re tla bona ha tšepo ea rōna e phethahala.”

Na molaetsa oa hore ho tla ba le paradeise ea lefatšeng o sa ntse o lokela ho bolelloa batho? Hantle-ntle bokamoso ba lefatše la rōna ke bofe? Na bokamoso bo lerootho kapa bo bonahala ka ho hlaka? Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tsena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

COVER: Emma Lee/Life File/Getty Images

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela