O Hōlile Empa ha aa Tlangoa
HA BOTSOFALI bo ntse bo ipha matla, batho ba bangata baa holofala, ’me ba iphumana ba se ba sa kopane le batho ba bang. Ho ne ho se joalo ka Fernand Rivarol, ea ileng a hlokahalla Geneva, Switzerland, a e-na le lilemo tse 95. O ne a lula a le mong, kaha mosali oa hae o ne a hlokahetse ’me morali oa hae ea nyetsoeng a le ha hae. Le hoja boholo ba nako a ne a sa tlohe lapeng, o ne a sa hlora. O ne a atisa ho lula tafoleng ka kamoreng ea ho phomola, a tšoere thelefono, a letsetsa batho hore a qoqe le bona ka Bibele.
Bophelong ba hae ba ha a ne a le sehlahlo, ho na le nako eo ka eona Fernand a neng a hlile a tlamiloe. Ka lebaka lefe? Ha Fernand le mosali oa hae ba qala ho ba Lipaki Tsa Jehova ka 1939, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qhoma Europe. Fernand o ile a khomarela qeto ea hae e neng e thehiloe Bibeleng ea hore a ke ke a lematsa mang kapa mang. Ka lebaka leo, o ile a senyeheloa ke mosebetsi eaba o tlameha ho ea chankaneng hangata—ka lilemo tse hlano le likhoeli tse tšeletseng—’me nakong eo o ne a arohantsoe le mosali oa hae le moralinyana oa bona.
Ha Fernand a hopola nako eo, o re: “Batho ba bangata ba ne ba nka hore ke sentse mosebetsi o nang le bokamoso le hore ke lahlile lelapa la ka. Batho ba ile ba nkhesa ’me ba ntšoara joaloka motlōli oa molao. Leha ho le joalo, ha ke nahana ka lilemo tseo tsa mathata, ke hopola hantle kamoo Jehova a ileng a re tšehetsa le ho re thusa kateng. Ho se ho fetile lilemo tse ngata, empa ke sa ntse ke tšepile Jehova ka tieo joaloka nakong eo.”
Tumelo ena e ile ea susumeletsa Fernand hore a sebelise thelefono ho bolella batho ba bang ka tšepo ea hae e tsoang Mangolong. Ha a ne a ka qoqa hamonate le motho e mong, o ne a romella motho eo sengoliloeng sa Bibele ka poso. Hamorao, o ne a founela motho eo hape ho utloa hore na o thabetse sengoliloeng seo. Ka linako tse ling batho ba ne ba mo araba ka mangolo a teboho, ’me sena se ne se mo thabisa haholo.
Motho e mong ea tšoanang le Fernand a ka ’na a bua le uena sebakeng sa heno. Re u khothalletsa hore u mamele hore na o re’ng e le hore u tsebe seo a se lumelang. Kamehla Lipaki Tsa Jehova li thabela ho u bolella seo li se lumelang.