Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 9/1 leq. 32
  • “Ka Lebaka la Moshanyana ea Lilemo li Robong”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ka Lebaka la Moshanyana ea Lilemo li Robong”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 9/1 leq. 32

“Ka Lebaka la Moshanyana ea Lilemo li Robong”

NENG le neng ha Lipaki Tsa Jehova li ne li etela ha Wiesława, ea lulang ka boroa Poland, o ne a li leboha ka tlhompho ebe o hana ho buisana le tsona. Ka letsatsi le leng, Samuel ea lilemo li robong, o ile a etela ha Wiesława a e-na le ’mè oa hae. Lekhetlong lena Wiesława o ile a etsa qeto ea ho mamela molaetsa ’me a amohela makasine e buang ka paradeise lefatšeng.

Kaha Sehopotso sa lefu la Jesu Kreste se ne se atamela, Samuel o ne a batla ho mema Wiesława hore a tle ketsahalong ena ea bohlokoa. Kahoo, moshanyana enoa, o ile a mo etela hape a e-na le ’mè oa hae, lekhetlong lena a nkile sememo. Ha a bona hore moshanyana eo o ne a apere hantle, Wiesława o ile a kōpa tšoarelo hore a il’o apara ka mokhoa o loketseng. Ha a khutlela monyako, o ile a mamela Samuel, a amohela memo, eaba oa botsa: “Na ke lokela ho tla ke le mong kapa ke tle le monna oa ka?” Eaba o phaella ka ho re: “Esita leha monna oa ka a sa tle, ’na ke tla tla. Ke tla tla ka lebaka la hao, Samuel.” Ho ileng ha thabisa Samuel ke hore o ile a fela a tla.

Puong ea Sehopotso, Samuel o ile a lula pel’a Wiesława ’me a mo bontša mangolo a neng a tšohloa. Sena se ile sa mo khahla. O ile a thabela Sehopotso ’me a ananela hore ebe lintho tse tebileng li ne li hlalosoa ka tsela e bonolo. Hape o ile a angoa ke tsela e mofuthu le e mosa eo phutheho e ileng ea mo amohela ka eona. Ho tloha ka nako eo, Wiesława o bontšitse thahasello e khōlō litabeng tsa moea ’me o qalile ho kopanela le Lipaki Tsa Jehova kamehla. Haufinyane tjena o ile a re: “Ke masoabi hore ebe pele ke ne ke sa le mamele ha le tla ha ka. Ke rata ho le bolella hore ke ile ka mamela molaetsa oa lōna feela ka lebaka la moshanyana ea lilemo li robong, ka lebaka la Samuel.”

Joaloka Samuel enoa oa Poland, Lipaki tse ling tsa Jehova tse ngata tse nyenyane li rorisa Molimo ka melomo ea tsona le ka boitšoaro ba tsona bo botle. Haeba u mocha, le uena u ka khona ho thusa batho ba tšepahalang hore ba ananele lintho tsa bohlokoa tsa moea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela