Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 10/1 leq. 32
  • Ho Fumana Tsela Leoatleng le Leholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Tsela Leoatleng le Leholo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 10/1 leq. 32

Ho Fumana Tsela Leoatleng le Leholo

LIHLEKEHLEKE Tsa Marshall ke lihlekehleke tse khōlō le tse nyenyane tse ka holimo ho 1 200, ’me boholo ba tsona bo hlahelletse ka limithara tse ka bang tse tšeletseng ka holimo ho bophahamo ba leoatle. Nakoana feela ka mor’a hore motho a kenelle hare ho leoatle, ha li sa bonahala. Leha ho le joalo, batho ba boholo-holo ba neng ba tsamaea ka liketsoana ba Lihlekehlekeng Tsa Marshall, ba ne ba tsamaea ka tsona ho tloha sehlekehlekeng se senyenyane ho ea ho se seng se senyenyane, ba fumana tsela lisekoere-k’hilomithareng tse limilione tse peli tsa Leoatle la Pacific. Ba ne ba e fumana joang? Ba ne ba sebelisa “limmapa” tse bonolo empa li thusa haholo tse bitsoang limmapa tsa lithupa.

Basesisi ba liketsoana ba Lihlekehlekeng Tsa Marshall ba ile ba ithuta ka phihlelo hore haeba ho e-na le sehlekehleke se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 30, maqhubu a akhotsa ka tsela e itseng. Ba ne ba ithuta litsela tse ngata tseo maqhubu a akhotsang ka tsona, ’me ba ne ba li hopotsoa ke limmapa tsa lithupa. Limmapa tsa lithupa li ne li le joang? Joalokaha u ka bona setšoantšong mona, ba ne ba etsa letanta ka lithupa tsa metso ea sefate sa phaene kapa ka makhasi a makala a sefate sa palema ho tšoantšetsa tsela eo maqhubu a akhotsang ka eona. Sebaka se pakeng tsa lihlekehleke se ne se bontšoa ka likhetla tse nyenyane tsa leoatle tse qhoaelletsoeng letanteng.

Ka lilemo tse ngata, ho sesisa seketsoana ka limmapa tsa lithupa e ne e le pinyane, ’me e ne e senoleloa bakhethoa feela. Mosesisi e monyenyane oa seketsoana o ne a ka ithuta ho sebelisa ’mapa oa lithupa joang? O ne a ithuta ka ho koetlisoa le ka ho sesisa seketsoana. Mosesisi ea nang le tsebo o ne a ruta e monyenyane ba le babeli feela, mohlomong a tsamaea le eena ha a e-ea lihlekehlekeng tse haufi. Ha morutoana a ntse a ithuta ho akhotsa ha maqhubu a leoatle, ka mor’a nako o ne a rua tsebo ea hore na ’mapa oa lithupa o sebelisoa joang. Qetellong, o ne a ka sesisa seketsoana a le mong.

Ka tsela e tšoanang, Lentsoe la Molimo, Bibele, le ka sebetsa joaloka motataisi oa rōna bophelong. Qalong, motho e mong a ka re thusa ho fumana kutloisiso ea motheo ea Mangolo. Joale, ha re ntse re tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho sebelisa melao-motheo ea lona, re ba le kholiseho ka seo le se bolelang. Joshua eo e neng e le moeta-pele oa Baiseraele, o ile a bolelloa hore a ’ne a bale Lentsoe la Molimo e le hore a ka “hlokomela ho etsa ka sohle se ngoliloeng ho [lona].” Molimo o ile a re ho Joshua: “Ka ho etsa joalo u tla atlehisa tsela ea hao ’me ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale.” (Joshua 1:8) Ka sebele, Bibele e ka re bontša tsela e nepahetseng le ea ho phela ka katleho.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

© Greg Vaughn

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela