Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 11/1 leq. 32
  • Daniel le Beche ea Hae ea Kopano

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Daniel le Beche ea Hae ea Kopano
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 11/1 leq. 32

Daniel le Beche ea Hae ea Kopano

JESU o ile a khalemela baeta-pele ba bolumeli ba neng ba iketsa eka ba lokile ba ileng ba halefa ha ba ne ba bona bashanyana ba rorisa Molimo phatlalatsa. Ka nepo, Jesu o ile a ba botsa: “Na ha le e-s’o ka le bala see, ‘Ho tsoa melomong ea bana le ba anyang u fane ka thoriso’?”—Matheu 21:15, 16.

Daniel ea nang le lilemo tse tšeletseng, ea kopanelang phuthehong ea Serussia Jeremane, ke mohlala o bontšang hore ho na le bacha ba ntseng ba rorisa Jehova. Eena le ’mè oa hae le khaitseli ea hae ba ile ba ea kopanong ea Lipaki Tsa Jehova Duisburg. Lena e ne e le lekhetlo la pele ba e-ba teng kopanong e khōlō joalo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le ncha: hotele, bamameli ba bangata, ho lula motho a khutsitse ka matsatsi a mararo, kolobetso, re se re sa re letho ka tšoantšiso. Daniel o ile a itšoara joang? Boitšoaro ba hae bo ne bo beha mohlala.

Mantaha ka mor’a kopano, ha a se a le lapeng, Daniel o ile a tsoha hoseng e le hore a ee kerecheng. Empa ke eng e neng e ntse e le baking ea hae? E ne e le beche e neng e mo khetholla e le motho ea neng a tlile kopanong! ’Mè oa hae o ile a re ho eena: “Kopano e fetile. Kajeno u ka tlosa beche.” Empa Daniel o ile a re: “Ke batla hore bohle ba bone hore na ke ne ke ile hokae ’me ba tsebe le hore na ke ithutile eng.” Kahoo letsatsi lohle ha a ntse a le kerecheng, o ne a qhoaetse beche ea hae ka motlotlo. Eitse ha tichere ea hae e mo botsa ka beche eo, o ile a e bolella ka lenaneo la kopano.

Ka ho etsa joalo, Daniel o ne a latela mohlala oa bashanyana le banana bao ka lilemo tse makholo, ba ’nileng ba rorisa Jehova phatlalatsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela