Motho ea Lilemo Tse Lekholo ea Nang le Sepheo Bophelong
ELIN ke e mong oa batho ba 60 ba Sweden ba ileng ba kenngoa lenaneng la batho ba lilemo tse 105 kapa ho feta. Eena o na le lilemo tse 105. Le hoja a lula lehaeng la maqheku, bophelo ba hae bo mo lumella hore a tsoele pele e le Paki ea Jehova e mahlahahlaha, e leng seo a ileng a se khetha lilemong tse fetang 60 tse fetileng.
Elin o ruta batho ba bang ka mokhoa oo moapostola Pauluse a neng a ruta ka oona ha a ne a le litlamong ntlong eo a neng a e hirile. Pauluse o ne a ruta bohle ba neng ba mo etela. (Liketso 28:16, 30, 31) Elin le eena o sebelisa monyetla o mong le o mong hore a bolele litaba tse molemo tsa Bibele ho batho ba hloekisang, ho lingaka, ho batho ba lokisang moriri, ho baoki le ho ba bang bao a teanang le bona lehaeng leo. Nako le nako, litho tsa phutheho ea habo Elin li bile li mema liithuti tsa tsona tsa Bibele hore li mo etele e le hore li ka fumana molemo tsebong ea hae le phihlelong ea hae.
Litho tsa phutheho ea habo Elin li khahloa ke thabo ea hae le thahasello ea hae. Paki e ’ngoe ea moo e re: “O na le bokhoni bo hlollang ba ho khema le liketsahalo tsa phutheho. O hopola mabitso a bana bohle le a bohle ba sa tsoa fihla phuthehong.” Elin o boetse o tsejoa ka ho amohela baeti, ka ho qabola le ka ho lula a e-na le tšepo bophelong.
Elin o thusoa ke eng hore a lule a thabile le hore a se ke a sutha sepheong sa hae bophelong? Letsatsi le letsatsi o bala temana ea Bibele bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. O boetse o bala Bibele letsatsi le letsatsi ka khalase e hōlisang litlhaku. Elin o lokisetsa liboka tsa beke le beke tsa Lipaki Tsa Jehova, ’me le hoja a sa khone ho ea libokeng tseo, ba mo rekotela tsona ebe oa li mamela. Ha re bala Bibele le lingoliloeng tsa Bibele kamehla ebile re sa tlohele ho ba teng libokeng tsa Bokreste, re ka phela bophelo bo khotsofatsang le bo nang le morero ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae.—Pesaleme ea 1:2; Baheberu 10:24, 25.