Takatso ea Adryana
ADRYANA ke ngoananyana ea lilemo li tšeletseng oa Tulsa, Oklahoma, U.S.A., ’me ho na le ntho e itseng eo a neng a e labalabela. O ne a labalabela ntho e tšoanang le ea mopesaleme Davida, ea ileng a bina a re: “Ke kōpile ntho e le ’ngoe ho Jehova—ke seo ke tla se batla, hore ke lule ka tlung ea Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba ka, ho bona thabo ea Jehova le ho talima tempele ea hae ka kananelo.”—Pesaleme ea 27:4.
Ha Adryana a ne a e-na le likhoeli tse tšeletseng feela, lingaka li ile tsa hlokomela hore o na le neuroblastoma, e leng hlahala e kotsi e melang likarolong tsa methapo ea kutlo. Lefu leo le sokelang bophelo le ile la etsa hore a shoe litho maotong ka bobeli. Lingaka li ile tsa phekola boloetse boo ka ho mo etsa lioporeishene tse ngata le ho mo phekola ka lik’hemik’hale nako e etsang selemo.
Ntate oa Adryana, ea seng tumelong e le ’ngoe le Adryana le ’mè oa hae, o ile a ea mokhatlong o itseng ho ea kōpela morali oa hae hore a etele serapeng se tummeng haholo sa boithabiso. Pele ba mokhatlo oo ba lumela kōpo eo, ba ile ba buisana le Adryana. O ile a bolela hore oa leboha hore ebe ba mo nahanetse, empa a ba bolella hore ho e-na le hoo a ka mpa a etela Bethele, e leng setsi sa lefatše ka bophara sa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova se New York. Ka mor’a hore Adryana a tsebe ka kōpo eo ea ntate oa hae, o ile a rapela Jehova hore a mo fe monyetla oa ho etela Bethele. Le hoja qalong ba mokhatlo oo ba ne ba nahana hore ngoana a ke ke a thabela ho etela mokhatlong oa bolumeli, ba ile ba lumella kōpo eo ha ntate oa hae a sa e hanyetse.
Adryana o ile a ea New York; o ne a qala ho etela Bethele, a e-na le ’mè oa hae, ausi oa hae le motsoalle oa hae. Adryana o ile a re: “Jehova o arabile thapelo ea ka. Ke ne ke tseba hore o tla etsa hore re amoheloe Bethele. Ke bone kamoo ho etsoang libuka, limakasine Ie Libibele. Ho molemo ho feta ho ea serapeng sa boithabiso.”
Adryana o ile a “bona thabo ea Jehova” ’me a talima ka kananelo kamoo setsi sa mosebetsi sa batho ba Jehova se sebetsang kateng kajeno. Le uena u lokolohile hore u etele Bethele. Ho phaella ntlo-khōlōng ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova e New York, ho na le liofisi tsa makala likarolong tse ling tse sa tšoaneng tsa lefatše.