Ke ea Bohlokoa ho Feta ho Lepa Boemo ba Leholimo
HOO e batlang e le lichabeng tsohle, ho na le maele a buang ka boemo ba leholimo: Ha leholimo le le lefubelu bosiu, mosesisi oa sekepe oa thaba; ha leholimo le le lefubelu hoseng, mosesisi oa sekepe o lokela ho ba hlokolosi. Kajeno litsebi tsa maemo a leholimo li fana ka mabaka a saense a etsang hore maemo a leholimo a be ka tsela eo maele ao a bolelang ka eona.
Mehleng ea Jesu, ka ho tšoanang batho ba ne ba tloaetse ho ithuta boemo ba leholimo le ho hlalosa ponahalo ea lona. Jesu o ile a re ho Bajuda ba bang: “Ha shoalane e tšoara le tloaetse ho re, ‘Boemo ba leholimo bo tla ba botle, kaha leholimo le bofubelu ba mollo’; ’me hoseng le re, ‘Kajeno boemo ba leholimo e tla ba ba mariha, ba pula, kaha leholimo le bofubelu ba mollo, empa le shebahala le le letšo.’ Le tseba ho hlalosa ponahalo ea leholimo, empa . . . ” Empa eng? Jesu o ile a tsoela pele ho bua ntho e makatsang: “Lipontšo tsa linako le sitoa ho li hlalosa.”—Matheu 16:2, 3.
‘Lipontšo tsee tsa linako’ e ne e le eng? E ne e le lipontšo tse ngata tse hlakileng tse neng li bontša hore Jesu ke Mesia ea rometsoeng ke Molimo. Liketso tsa hae li ne li ka bonoa ka ho hlaka joaloka bofubelu ba leholimo. Leha ho le joalo, Bajuda ba bangata ba ile ba hlokomoloha lipontšo tse neng li bontša hore Mesia o ne a tlile—e leng ketsahalo eo ruri e neng e le ea bohlokoa ho feta boemo ba leholimo.
Ka ho tšoanang, kajeno ho na le pontšo eo e leng ea bohlokoa hore re e utloisise ho feta ’mala oa leholimo la sebele. Jesu o ile a bolela esale pele hore lefatše lena le khopo le ne le tla felisoa e le hore lefatše le molemo le ka qala. O ile a bolela liketsahalo tse ngata, tseo ha li etsahala ka nako e le ’ngoe li neng li tla bontša hore phetoho eo e haufi le ho etsahala. Tse ling tsa liketsahalo tseo ke lintoa lefatšeng lohle le tlala ea sekoboto. Jesu o ile a re ha lintho tsena li bonahala, nako ea hore Molimo a kenelle litabeng e haufi.—Matheu 24:3-21.
Na u bona “lipontšo tsa linako”?