Matla a Leleme
LELEME la thuhlo le bolelele ba lisenthimithara tse 45 ’me le sotheha kapele ebile le matla hoo le khang mahlaku makaleng a lifate. Leleme la leruarua le leputsoa le lekana le tlou ka boima. Nahana feela hore na ho hlokahala matla a makae ho tsamaisa leleme le lekaalo!
Leleme la motho hase letho ka boholo, ka boima le ka matla ha le bapisoa le maleme a liphoofolo tseo tse peli. Empa le na le matla a mang a fetang ao. Bibele e bolela se latelang ka setho sena se senyenyane sa ’mele oa motho: “Lefu le bophelo li matleng a leleme.” (Liproverbia 18:21) Ha e le hantle, ke ka makhetlo a makae re utloa hore batho ba se nang molato ba ile ba senyetsoa esita le ho bolaoa ka lebaka la leleme la motho leo matla a lōna a ileng a sebelisetsoa ho qala mashano le ho fana ka bopaki ba bohata?
Ka tsela e tšoanang, setsoalle sa nako e telele se ’nile sa senngoa ke lipolelo tse utloisang bohloko. Maikutlo a batho a ’nile a sithabetsoa ke mantsoe a hlabang. Jobo eo metsoalle ea hae e ileng ea mo bua hampe haholo o ile a re: “Le tla ’ne le halefise moea oa ka halelele hakae le ho ’na le ntšithabetsa ka mantsoe?” (Jobo 19:2) Morutuoa Jakobo o ile a hlakisa matla a senyang ao leleme le sa laoloeng le nang le ’ona ha a re: “Leleme ke setho se senyenyane leha ho le joalo le ithorisa haholo. Bonang! Ho hlokahala mollo o monyenyane hakaakang ho chesa moru o moholo haholo! Ha e le hantle, leleme ke mollo.”—Jakobo 3:5, 6.
Ka lehlakoreng le leng, matla a leleme a ka phelisa. Mantsoe a nahanelang le a tšelisang a ’nile a pholosa ba bang hore ba se ke ba tepella maikutlo kapa ba ipolaea. Ho mamela keletso e molemo, ho ’nile ha pholosa batho ba bangata ba sebelisang lithethefatsi le bao e leng linokoane tse sehlōhō hore ba se ke ba shoa kapele. Ka sebele, tholoana ea leleme la ea lokileng ke “sefate sa bophelo,” ’me “lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.”—Liproverbia 15:4; 25:11.
Leha ho le joalo, tsela e molemohali ea ho sebelisa leleme ke ho rorisa Jehova Molimo, ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho ruta ba bang linnete tsa bohlokoa tsa Bibele. Hobane’ng? Hobane Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3; Matheu 24:14; 28:19, 20.