“Na U Tseba Molimo ka Lebitso?”
POTSO ena e neng e hlaha leqepheng le ka holimo la Tsoha! ea February 8, 2004 e ile ea etsa hore mosali e mong oa ka boroa-bophirimela ho Asia Bohareng a be le thahasello. Mosali enoa o ile a ngolla bahatisi ba eona a re: “Li sa tloha feela, ke ile ka khahloa ke koranta ea lōna, ’me e ile ea nthusa ho ela hloko melao-motheo ea boitšoaro bo botle. Tsela eo ke talimang bophelo ka eona e ntse e ntlafala. Ke bolella e mong le e mong ka Molimo oa rōna le khotso e tlisoang ke tsebo ena.”
Libakeng tse ngata, ha e le hantle “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše,” batho ba ntse ba ithuta lebitso la Molimo, e leng Jehova. (Liketso 1:8) Ka mohlala, lebitso lena leo ka puo ea Seturkmen e leng Yehowa, le fumaneha habonolo phetolelong ea Seturkmen ea Mangolo a Halalelang. Pesaleme ea 8:1 e baleha tjena: “Jehova Morena oa rōna, lebitso la hao le hlompheha hakaakang lefatšeng lohle!”
E le hore a ithute ho eketsehileng ka Jehova Molimo, mosali eo o ile a kōpa bukana e maqephe a 32 ea Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng. Le uena u ka kōpa bukana ena ho e mong oa Lipaki Tsa Jehova.