Ho Ngola e ne e le ha Bohlokoa Iseraeleng ea Boholo-holo
NA U kile ua bala lithothokiso tse ling tsa Iliad kapa tsa Odyssey, e leng lithothokiso tse tsotehang tsa Greece ea boholo-holo? Ho nahanoa hore lithothokiso tseo li qapiloe lekholong la borobong kapa la borobeli la lilemo B.C.E. Lithothokiso tsee li joang ha li bapisoa le Bibele, e ileng ea qala ho ngoloa lilemong tse makholo-kholo pele ho moo? Buka ea The Jewish Bible and the Christian Bible e re: “Bibele e na le bonyane litšupiso tse 429 tse buang ka ho ngola le ka litokomane tse ngotsoeng. Taba ena ke ea bohlokoa ha motho a hopola hore Iliad e na le tšupiso e le ’ngoe feela e buang ka ho ngola athe Odyssey eona ha e na tšupiso leha e le ’ngoe.”
The Oxford Encyclopedia of Archaeology in the Near East e re hlakisetsa hore “ho bonahala eka Iseraeleng ea boholo-holo ho ngola e ne e le karolo ea bohlokoa haholo ea borapeli.” Ka mohlala, selekane sa Molao se ile sa ngoloa ’me ka mor’a moo, kamehla se ne se balloa banna bohle, basali le bana phatlalatsa. Hape batho ba ne ba se bala le ho ithuta sona e le sehlopha kapa e le batho ka bomong. Ka mor’a hore morupeli e moholo Univesithing ea Liverpool ea bitsoang Alan Millard a hlahlobe likarolo tse itseng tsa Molao, o ile a phetha ka ho re: “Kamoo ho bonahalang kateng, ho ne ho nkoa hore batho ba maemo ’ohle ba tseba ho bala le ho ngola.”—Deuteronoma 31:9-13; Joshua 1:8; Nehemia 8:13-15; Pesaleme ea 1:2.
Moapostola Pauluse o hlalosa kamoo Bakreste ba lokelang ho nka lintho tse ngotsoeng tse halalelang kateng: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” Na uena u bontša hore u ananela Bibele ka ho e bala kamehla?—Baroma 15:4.