Atamela ho Molimo
“Le be Baetsisi ba Molimo”
HASE hangata kajeno batho ba bontšang ba bang mosa, ba ba qenehelang, ba ba tšoarelang, ba ba ratang. Uena? Na u kile ua nahana hore leha u ka leka joang kapa joang ho ba le litšobotsi tsee tse ntle, u ke ke? Pelo e ratang ho inyatsa e ka etsa hore u ikutloe eka lintho tse itseng tse mpe, tse kang mekhoa e mebe e metseng ka metso kapa lintho tse bohloko tse ileng tsa u etsahalla nakong e fetileng, li u sitisa ho ba le litšobotsi tse ntle. Leha ho le joalo, Bibele e re ruta ’nete ena e tšelisang—ea hore ’Mōpi oa rōna oa tseba hore re ka khona ho ba le litšobotsi tse ntle.
Lentsoe la Molimo le eletsa Bakreste ba ’nete, le re: “Ka hona, le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” (Baefese 5:1) Mantsoe ana a bontša ka tsela e khethehileng hore Molimo o tšepa barapeli ba hae. Joang? Jehova Molimo o entse motho ka setšoantšo sa Hae, ho ea ka sebōpeho sa Hae. (Genese 1:26, 27) Kahoo, Molimo o file batho litšobotsi tse tšoanang le tsa hae.a Ka lebaka leo, ha Bibele e eletsa Bakreste hore e be “baetsisi ba Molimo,” ho joalokaha eka Jehova ka boeena o re ho bona: ‘Kea le tšepa. Kea tseba hore le hoja le e-na le mefokolo, le ka khona ho tšoana le ’na ho ea bohōleng bo itseng.’
Tse ling tsa litšobotsi tsa Molimo tseo re lokelang ho li etsisa ke life? Re fumana karabo litemaneng tse pel’a ena. Hlokomela hore pele Pauluse a fana ka keletso ea hore re etsise Molimo o ile a re “ka hona.” Sena ke sehokelo se kopanyang temana ena le e tlileng pele ho eona, e buang ka mosa, qenehelo e bonolo le ho tšoarelana. (Baefese 4:32; 5:1) Joale, temaneng e tlang ka mor’a hore Pauluse a re eletse hore re etsise Molimo, o bolella Bakreste hore ba phele ka tsela e bontšang hore ba rata ba bang ka lerato le se nang boithati. (Baefese 5:2) Ruri Jehova Molimo ke mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho ba mosa, ho qenehela ba bang ka bonolo, ho ba tšoarela ka bolokolohi le ho ba lerato.
Ke hobane’ng ha re lokela ho labalabela ho tšoana le Molimo? Hlokomela kamoo Pauluse a re khothalletsang sena kateng ha a re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” Na hase mantsoe a amang pelo? Jehova o nka barapeli ba hae e le bana bao a ba ratang haholo. Joalokaha moshanyana a ka leka ho tšoana le ntate oa hae, Bakreste ba ’nete le bona ba leka ka hohle ho tšoana le Ntate oa bona ea leholimong.
Jehova ha a qobelle batho hore ba mo etsise. Ho e-na le hoo, o re hlomphile ka ho re fa bolokolohi ba ho ikhethela seo re batlang ho se etsa. Kahoo, ho ho uena hore na u batla ho etsisa Molimo kapa che. (Deuteronoma 30:19, 20) Leha ho le joalo, le ka mohla u se ke ua lebala hore u ka khona ho ba le litšobotsi tse kang tsa Molimo. Empa, e le hore u etsise Molimo, u lokela ho qala ka ho ithuta litšobotsi tsa hae le litsela tsa hae. Bibele e ka u thusa hore u ithute litšobotsi le litsela tsa Molimo eo botho ba hae bo ikhethang bo susumelitseng ba bangata hore e be baetsisi ba hae.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakolose 3:9, 10, e bontša hore ho etsoa ka setšoantšo sa Molimo ho bolela ho ba le litšobotsi tse tšoanang le tsa hae. Ba batlang ho thabisa Molimo ba khothalletsoa hore ba ikapese “botho bo bocha,” “bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa [Molimo] Ea bo bōpileng.”