Ngoananyana ea Seatla se Bulehileng
HAUFINYANE tjena ngoananyana e mong ea lilemo li robong oa Brazil o ile a ithaopela hore a arole chelete eo a neng a e bokeletse—a e etsa liranta tse 150 le liranta tse 210. E nyenyane o ile a e kenya ka lebokoseng la monehelo la Holong ea ’Muso hore e sebelisetsoe ho koahela litšenyehelo tsa phutheho ea habo. Joale e ngata o ile a e romella ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova hammoho le lengolo le lekhutšoanyane. Lengolo la hae le ne le re: “Ke rata ho etsa monehelo ona molemong oa mosebetsi oa lefatše lohle. Takatso ea ka ke hore ke thuse bara le barali babo rōna ba bangata lefatšeng lohle hore ba bolele litaba tse molemo. Ke fana ka oona ka lerato le leholo leo ke ratang Jehova ka lona.”
Batsoali ba ngoananyana enoa ba mo rutile hore ke habohlokoa hore a etse leha e le eng feela molemong oa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Ba boetse ba mo rutile hore ke habohlokoa hore a ‘hlomphe Jehova ka lintho tsa hae tsa bohlokoa.’ (Liprov. 3:9) Joaloka ngoananyana eo, e se eka bohle re ka kopanela ka cheseho ho ntšetseng pele lintho tse amanang le ’Muso, liphuthehong tsa habo rōna le lefatšeng lohle!