Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 11/1 leq. 8
  • Khotsofatsa Tlhoko ea Hao ea Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khotsofatsa Tlhoko ea Hao ea Moea
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Latela Mohlala oa Jesu oa Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Mamellong ea Lōna le Eketse Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Phehellang Boinehelo ba Bomolimo le le Bakreste ba Kolobelitsoeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ekeletsang Mamellong ea Lōna Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 11/1 leq. 8

Tsela ea 5

Khotsofatsa Tlhoko ea Hao ea Moea

BIBELE E RUTA ENG? “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

KE’NG E ETSANG HORE HO BE THATA? Ho na le malumeli a likete ao boholo ba ’ona a rutang lintho tse sa tšoaneng tabeng ea hore na motho a ka khotsofatsa tlhoko ea hae ea moea joang. U ka tseba joang hore na ke bolumeli bofe bo rutang ’nete le bo thabisang Molimo e le kannete? Bangoli ba bang ba hlaheletseng ba bontša hore ho ba le tumelo ho Molimo le ho inehela ho eena ke ntho e sa utloahaleng, e bileng e leng kotsi. Makasine ea Maclean’s ha e akaretsa maikutlo a motho e mong ea hlaheletseng, ea bileng a sa lumeleng hore Molimo o teng, e re: “Maikutlo ana a Bakreste a hore ho na le ntho e phahametseng saense le matla a rōna . . . a nyenyefatsa bophelo ba rōna ebile a etsa hore ho be le liketso tse ngata tse mabifi.”

U KA ETSA’NG? Hlahloba bopaki ba hore Molimo o teng. (Baroma 1:20; Baheberu 3:4) U se ke ua lumella motho le ea mong hore a u nyahamise ha u ntse u batla ho tseba likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa tse kang tsena: Re phelela eng? Na motho o phela hape ka mor’a lefu? Ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakaale? Molimo o lebeletse hore ke etse’ng? Ho fumana likarabo tsa lipotso tseo ke mohato oa bohlokoa haholo o tla etsa hore u khotsofale ho ea ho ile.

Leha ho le joalo, u se ke ua lumela ntho e ’ngoe le ’ngoe eo batho ba u bolellang eona ka hlooho e ntšo feela. Lentsoe la Molimo le u khothalletsa hore u sebelise ‘matla a ho nahana’ e le hore u ka ipakela e le uena hore na ke eng e amohelehang ho eena. (Baroma 12:1, 2) U tla fumana moputso oa ho etsa boiteko boo. Ha u ka ipha nako ea ho ithuta Bibele le ho sebelisa keletso ea eona e molemo, u tla qoba mathata, u iphokoletse matšoenyeho u be u eketse thabo ea hao bophelong. Ena hase tšepiso ea bohata. Batho ba limilione ba tsoang limelong tsohle ba ruile molemo ka ho ithuta ka Molimo le merero ea hae. Ka mohlala, bala lipale tsa bophelo ba batho ba itseng leqepheng la 18 ho ea ho la 21 makasineng eona ena.

Ha u ntse u rua molemo ka ho sebelisa keletso e bohlale ea Bibele, lerato leo u ratang Molimo ka lona le tla teba. Ke hobane’ng u sa lumele ha Lipaki Tsa Jehova li kōpa ho ithuta Bibele le uena? Ha u ka lumela, u ka ’na ua iphumana u lumellana le moapostola Pauluse ea ileng a re: “Ke mokhoa oa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala.”—1 Timothea 6:6.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ipakele e le uena hore na ke eng e amohelehang ho Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela