Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 5/1 leq. 32
  • ‘Sireletsa Pelo ea Hao!’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Sireletsa Pelo ea Hao!’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 5/1 leq. 32

‘Sireletsa Pelo ea Hao!’

Kopano ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova

SEHLOOHO SA LABOHLANO

“Ha e le Jehova, o Bona Seo Pelo e Leng Sona”—1 SAMUELE 16:7.

SEHLOOHO SA MOQEBELO

“Molomo o Bua ho Tsoa ho se Tletseng Pelong”—MATHEU 12:34.

SEHLOOHO SA SONTAHA

“Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng”—1 LIKRONIKE 28:9.

Bibele e bua ka pelo ka makhetlo a ka bang sekete. Hangata Mangolo a bua ka pelo ea tšoantšetso eseng ea sebele. Pelo ea tšoantšetso ke eng? Polelo ena e ka bolela botho bo ka hare ba motho—e leng seo motho a se nahanang, maikutlo a hae le lintho tseo a li ratang.

Ke hobane’ng ha re lokela ho sireletsa lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso? Molimo o ile a susumelletsa Morena Solomone hore a ngole tjena: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” (Liproverbia 4:23) Bophelo boo re bo phelang hona joale le boo re bo lebeletseng nakong e tlang, bo itšetlehile ka boemo ba lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso. Hobane’ng? Hobane Molimo o bona se ka lipelong tsa rōna. (1 Samuele 16:7) Seo re leng sona ka hare, e leng “motho ea ka sephiring oa pelo,” ke sona seo Molimo a se shebang ho rōna.—1 Petrose 3:4.

Re ka sireletsa pelo joang? Karabo ea potso ena e tla tšohloa ka ho teba likopanong tseo Lipaki Tsa Jehova li tla li tšoara lefatšeng ho pota ho tloha mathoasong a khoeli eona ena. U mengoa ka mofuthu hore u be teng matsatsing ana ’ohle a mararo a kopano ena.a Seo u tla ithuta sona se tla u thusa hore u phele ka tsela e tla thabisa pelo ea Jehova Molimo.—Liproverbia 27:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E le hore u fumane hore na kopano e haufi le uena e tla tšoareloa hokae, sheba Websaete ea www.jw.org. U ka boela ua ikopanya le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa ua ngolla bangoli ba makasine ena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Photo on right: Aus dem Fundus der MÜNCHNER OLYMPIAPARK GMBH, München

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela