Tse Ka Hare
BEKE EA LA 25-31 DECEMBER, 2017
Esale bahlanka ba Jehova ba nka ho bina e le karolo ea bohlokoa ea borapeli. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba le lihlong ho bina har’a batho ba bang. Re ka ithuta joang ho binela Jehova ka lentsoe le phefa? Sehlooho sena se tla re thusa ho bona hore na re ka etsa’ng e le hore re ntlafatse tsela eo re binang ka eona.
BEKE EA LA 1-7 JANUARY, 2018
8 Na U Entse Jehova Setšabelo sa Hao?
BEKE EA LA 8-14 JANUARY, 2018
13 Etsisa Jehova ka Hore U be Mohau ’Me U Hloke Leeme
Ho na le lintho tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona ka metse ea setšabelo ea mehleng ea Baiseraele. Sehloohong sa pele, hlokomela hore na baetsalibe ba ka etsa’ng hore ba tšabele ho Jehova mehleng ena. Ho sa bobeli, hlokomela hore na u ka etsisa Jehova joang ka hore u tšoarele batho ba bang, u hlomphe bophelo ’me u sebetse litaba ka toka.
18 “Ea Leihlo le Mosa o Tla Hlohonolofatsoa”
BEKE EA LA 15-21 JANUARY, 2018
20 Qoba ho Etsisa Batho Bao e Seng Barapeli ba Jehova
BEKE EA LA 22-28 JANUARY, 2018
25 Le se ke la Lumella Letho ho le Sitisa ho Fumana Moputso
Lihlooho tsena tse peli li bua haholo ka likeletso tseo Pauluse a ileng a li fa Bakreste ba Kolose. Sehlooho sa pele se hlalosa hore na re ka etsa’ng ho qoba menahano eo batho ba bangata ba nang le eona empa e sa lumellane le seo Bibele e se rutang. Sa bobeli sona sea re hopotsa hore na re ka etsa’ng ho qoba ho etsa lintho tse tla re sitisa ho fumana litlhohonolofatso tseo Jehova a re tšepisitseng tsona.