Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/90 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 7/90 leq. 3

Litsebiso

● Mpho ea buka ka July le August: Bukana leha e le efe e lekanang le makasine e maqe-phe a 32, ntle ho bukana e lekanang le ma-kasine ea Sekolo ka monehelo oa 75c. September: U ka Phela ka ho sa Feleng Pa-radeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R7,50. Libuka tse nyenyane ke R3,75. October: Peeletso ea Tsoha! ka R6,00 kapa Molula-Qhooa ka R12,00 kapa bobeli ba tsona ka R18,00.

● Leha e le ofe ea etsang litokisetso tsa ho qalisa tšebeletso ea bopula-maliboho ba ka mehla ka September 1, 1990, o lokela ho tlatsa foromo ea kōpo kapele ˈme a e nehe baholo hore ba e hlahlobe. Hoba kōpo e amo-heloe le ho tekenoa ke Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho, e lokela ho romelloa ho Mo-khatlo mathoasong a August. Ka ho romella likōpo tse amohetsoeng nako e sa le teng, ho ka qojoa likōpo tsa likhetho tse etsoang ka morˈa nako.−Bona kenyelletso ea Tsebele-tso ea Rona ea ˈMuso ea August 1986, lirapa 21-26.

● Liphutheho li hopotsoa ho odora lenane le lekaneng la liforomo bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1991. Liforomo tsena li se se-nngoe. Li lokela ho sebelisetsoa morero oo li o reretsoeng feela.

● Libeche tsa kopano ea setereke ea 1990 li lokela ho odoroa ˈme li tla leflsoa molatong oa libuka ka lisente tse 5 karete e le ˈngoe. Liphutheho tse se nang molato kapa tse nang le khaello ea chelete li lokela ho rome-lla chelete hammoho le odoro. Ka kōpo odo-rang ka lihlopha tsa tse 20 haeba ho khone-ha. Libeche li fumaneha ka Seafrikaanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa, le Sezulu. Ka kôpo romellang odoro ea lōna ntle ho tieho.

● Ho qala ka September, balebeli ba potolo-ho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa “Phela ka Kelello e Hlaphohileng Lef atšeng le Se-nyehileng.“

● Kaha ho na le lenane le f okolang la baholo Namibia, baholo ba ka khonang ho lokisa litaba tsa bona ba memeloa ho ba teng Kopa-nong ea Setereke ea 1990 ea “Puo e Hloeki-leng“ Windhoek. Kopanong ena ho entsoe litokisetso tsa lenaneo la Sepotoketsi ka hona ho mengoa baholo ba buang Sepotoke-tsi ho ba teng. Re boetse re mema baholo ba bang ba buang Sepotoketsi ho nahana ka ho ba teng kopanong ea setereke Maputo, Mo-zambique, e tlang ho tšoaroa ho tloha ka la 29 December ho ea ho la 1 January, 1991. Kaha lipuo tse ling li tla fanoa ka Senyese-mane kopanong ea setereke Gaborone, Bo-tswana, re mema baholo ba buang Senyese-mane ho nahana ka ho ba teng kopanong ena. Haeba u tla khona ho ba teng ho e ˈngoe ea likopano tse boletsoeng ka holimo, ka kōpo ngolla Mokhatlo kapele kamoo ho ka khonehang.

● Re mema baholo ba buang Sevenda le Se-tsonga ba sa luleng Transefala Bochabela ho ba teng kopanong ea setereke Nkowankowa, ka December 13-16, 1990. Leha e le bafe ba ka khonang ho ba teng ba lokela ho ngolla Mokhatlo ntle ho tieho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela