Ho Bolela Litaba tse Molemo Masimong a Rōna a sa Abuoang
Lilemong tse seng kae tse fetileng ho hlokomelehile keketseho e tsitsitseng tšehetsong ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. Hona ke ho babatsehang ka ho fetisisa kaha ho bontša kameho eo bahoeletsi ba nang le eona ka batho. Nakong ea likhoeli tsa August ho ea ho October re khothalletsa bohle hore hang hape ka tieo ba batle ba tšoanelehang tšimong e sa abuoang. (Matt. 10:11) Moo ho khonehang, etsang boiteko ba ho sebelisa mafelo-beke a fetang a le mang ka khoeli tšimong.
Ho phaella moo, re khothalletsa baholo le bahlanka ba sebeletsang hore ba fallele moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ho na le libaka tse ngata tse joalo Ciskei, Natala, Transkei, le Venda. Lintlha tse qaqileng li ka fumanoa ho Mokhatlo. Ba khonang ho fallela sebakeng se seng ba lokela ho teana le baholo ’me ba boele ba shebe buka Tšebeletso ea Rōna, maqephe 112 le 113. Liphutheho tse ling tse leng metseng ea litoropo li bile li amohetse karolo e ’ngoe ea tšimo ea tsona e sa abuoang e le kabelo ea ka mehla. E se eka bohle ba ka bontša cheseho e kang ea Pauluse ha ba bolela litaba tse molemo nakong ena ea bofelo.—Ba-Roma 1:15.