Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo koahetsoeng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa likabelo tsa libeke tsa May 7 ho ea ho August 20, 1990. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ke ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba e ’ngoe le e ’ngoe ea lipolelo tse latelang ’Nete kapa Bohata:
1. Karabelo bothateng ba ho ima ha bacha ke ho ba ruta litsela tsa ho thibela pelehi. [wSU88 4/15 leq. 4]
2. Ha ho lebaka la hore batsoali ba ikutloe ba le lihlong ho buisana le bana ba bona ka litaba tsa botona le botšehali. [wSU88 4/15 leq. 6]
3. Tumellanong le molao-motheo oa Molimo ho 1 Ba-Korinthe 5:11, kopano le mong ka motho ea khaotsoeng ea sa luleng lapeng e lokela ho fokotsoa esita le haeba ho na le litaba tsa lelapa tse hlokang hore le kopane. [wSU88 4/15 leq. 28]
4. Liketsahalo tsa mohlolo ka Pentekonta ea 33 C.E. li etsahetse mantsiboea. [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 5/15 leq. 24.]
5. Kolobetso ea Kornele, mosokolohi oa pele oa Molichaba, e ne e tšoaea bofelo ba ‘libeke tse mashome a supileng.’ (Dan. 9:24) [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 5/15 leq. 24.]
6. Bopaki ba Pauluse le Barnabase motseng oa Filippi bo felletse ka moferefere le ho kenngoa ha bona teronkong, le hore ba lokolloe teronkong ka tšisinyeho ea lefatše. [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 5/15 leq. 25.]
7. Ke Efese moo Pauluse a ileng a kopana le baholo ’me a bua kamoo a ileng a ba ruta pontšeng le ka ntlo le ntlo kateng. [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 5/15 leq. 26.]
8. Haeba metsi a kolobetso ka booona a hlatsoa libe, joale motho o lokela ho kolobetsoa hape ka mor’a sebe se seng le se seng se secha. (Lik. 22:16) [’Malo oa beke le beke oa Bibele]
Araba lipotso tse latelang:
9. Ha Jesu a bua ka “Jezebele, mosali eo” o ne a bua ka tšusumetso ea mang phuthehong? (Tšen. 2:20) [reSU leq. 49 lir. 7, 8]
10. Ke molao-motheo ofe o totobalitsoeng ho Johanne 17:16? [wSU88 5/1 leq. 18]
11. Lebaka la motheo la ho utloa litaelo tsa Jehova ke lefe? [wSU88 5/1 leq. 20]
12. Re ka bontša kananelo joang bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o halalelang? [wSU88 6/15 leq. 12]
13. Mokha ke eng? (Lik. 24:5) [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona gSU88 1/8 leq. 18.]
14. Ke mangolo afe a mahlano ao Pauluse a ileng a a ngola ha a le botlamuoeng ka lekhetlo la pele Roma? [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 5/15 leq. 26.]
15. Pauluse (Saule) o ne a “raha litsenene” joang? (Lik. 26:14) [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU78 10/15 leq. 23.]
16. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a thahasella ho ea Roma? (Ba-Roma 1:11, 12) [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 8/1 leq. 23.]
Ngola lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ea tse latelang:
17. Batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona lithuto tsa Jehova tse tla ba hlalefisetsa pholoho______________________.(2 Tim. 3:15) [wSU88 5/1 leq. 6]
18. Re bontša kananelo ea rōna bakeng sa ______________ ka ho se a kenye ’meleng ka ho a ja kapa ka tsela leha e le efe. [wSU88 5/1 leq. 17]
19. Har’a bangoli ba bang ba Melaetsa, ke____________________ feela ea tlalehileng ka lipuo tse matla tsa Jesu le thapelo eo A e entseng bosiung ba ho qetela lebitsong la barutuoa ba hae. [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 3/15 leq. 24.]
20. Ho ea ka Liketso 8:9-24, Bakreste ba libakeng tsa boikarabelo ha ba lokela ho ba molato oa____________________ [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU86 8/15 leq. 15 ser. 9.]
Khetha karabo e nepahetseng lipolelong tse latelang:
21. Bibele e (phehella Bakreste hore ba sebetse ka thata ho boloka lenyalo la bona le le hammoho; buella tlhalo) haeba ba se na lenyalo le thabileng. [wSU88 5/15 leq. 6]
22. Heroda ea boleloang ho Liketso 12:1, 2 e ne e le (Heroda e Moholo; Heroda Antipase; Heroda Agripa I). [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 5/15 leq. 24.]
23. Leeto la pele la Pauluse la boromuoa le qalile (Antioke ea Pisidia; Antioke, Syria; Jerusalema). [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 5/15 leq. 24.]
24. Thahasello e khōlō e ile ea bontšoa Korinthe hoo Pauluse a ileng a lula motseng oo (likhoeli tse 18; likhoeli tse 12; likhoeli tse 6). [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 5/15 leq. 25.]
Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse ngotsoeng ka tlaase:
Joh. 14:27; Lik. 6:3; Ba-Roma 1:16, 17; 6:12
25. Bakreste ba pele ba ile ba etsa tokisetso efe ho thusa ba hlokang? [’Malo oa beke le beke oa Bibele bona; wSU87 6/1 leq. 8 ser. 2.]
26. Bophelo bo bocha boo Bakreste ba nang le bona ho Jesu bo ba tlama ho loantša mefokolo ea bona ea nama. [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 8/1 leq. 24.]
27. Motho ea lokileng o phela ka lebaka la tumelo. [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 8/1 leq. 23.]
28. Khotso eo Jesu a ileng a e neha barutuoa ba hae e ile ea sebeletsa ho khutsisa lipelo tsa bona le mehopolo ea bona. [’Malo oa beke le beke oa Bibele; bona wSU90 3/15 leq. 25.]