Litsebiso
● Mpho ea buka ka November: Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang le Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? kapa “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha” ka monehelo oa R4,50. December: Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka monehelo oa R7,50. January le February: Ho Pholohela Lefatšeng le Lecha ka monehelo oa R2,50. (Liphutheho li ka odora libuka tsa mpho e khethehileng Mokhatlong.) March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R7,50.
● Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1991: Bahoeletsi le bo-pula-maliboho, ka kōpo odorang libukana tsa lōna tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo ka phutheho. Liphutheho li lokela ho qalisa ho bokella likōpo bakeng sa libukana tsena hona joale. Joale, ka November 1, 1990, kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo, li romelle odoro ena Mokhatlong, li sebelisa foromo e tloaelehileng ea “Literature Order” (S-14). Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo ka lipuo tse ling li lokela ho thathamisoa tlas’a “Other Language Publications,” li bontše bongata ba tsona ka puo ka ’ngoe li arohane hammoho le selemo sa 1991. Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo li tla fumaneha ka Seafrikaanse, Sedutch, Senyesemane, Sefora, Sejeremane, Segerike, Setaliana, Sepotoketsi, Sepedi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa, le Sezulu. Ho fihlela ha libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo li fumaneha le ho romeloa, ho tla ’ne ho ngoloe “Li tla Romeloa” ho li-invoice tsa phutheho. Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo ke tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka 80c e le ’ngoe, e leng theko ea bahoeletsi. Bo-pula-maliboho ba ka mehla le ba khethehileng ba bileng lenaneng pele ho July 1, 1990, ba ka fumana kopi e le ’ngoe e sa lefelloeng ’me ba ka iphumanela likopi tse eketsehileng ka 50c e le ’ngoe. Liphutheho tse se nang molato ho Mokhatlo kapa tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka, li lokela ho romela chelete hammoho le odoro ea tsona. Ho lokela ho tlatsoe moleng o mocha oa foromo ea khoeli le khoeli (S-AB-20) ho bontša likopi tse sa lefelloeng tse filoeng bo-pula-maliboho.
● Ka kōpo liphutheho li lokela ho hopola ho tlatsa tlaleho ea mosebetsi oa tsona oa tšimo e sa abuoang bofelong ba October ’me li e romele hore e se fihle ho rōna ka mor’a November 15. Ka kōpo le akarelletse le liphihlelo life kapa life tse thahasellisang. Hape kholisehang hore le sebelisitse setempe se nepahetseng bakeng sa enfolopo e khōlō.
● Joale liphutheho li ka odora temana ea selemo ea 1991, e tla fumaneha ka theko ea R12,00 e le ’ngoe ka lipuo tse latelang: Seafrikaanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa, le Sezulu. Theko e tla lefisoa molatong oa libuka. Liphutheho tse nang le likhaello tsa lichelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete le odoro ea tsona.
● Ka Kōpo Hlokomelang: Ho tla ba le lenaneo la lipuo tse peli ka Seafrikaanse le ka Senyesemane kopanong ea setereke ea Port Elizabeth selemong sena.
● Kaha monongoaha kopano e tla tšoaroa ka matsatsi a mane, sehlopha sa baholo se ka etsa qeto ea ho khanna Thuto ea Buka ea Phutheho e tloaelehileng bekeng ea kopano kapa se lokisetse hore halofo ea thuto e abetsoeng e akaretsoe beke pele ho kopano ’me halofo e ’ngoe e akaretsoe bekeng e latelang ho phaella lithutong tsa libeke tseo.
● Linomoro tsa thelefono le liaterese tsa balebeli ba liphutheho tse leng litlalehong tsa Mokhatlo ke tsa lekunutu. Boitsebiso bo joalo bo tla fumantšoa balebeli ba letsetsang Mokhatlo mabapi le litaba tse potlakileng kapa maemong a tšohanyetso. Leha ho le joalo, ho tla fanoa ka liaterese tsa Liholo tsa ’Muso ha li kōptjoa. Re tla thabela ho romela mangolo a nang le setempe se nepahetseng ho moemeli ofe kapa ofe oa Mokhatlo haeba le se na aterese ea hae. Ntle le maemong a tšohanyetso kapa litaba tse ling tse potlakileng, ka mosa letsetsang lelapa la Bethele ka litaba tsa botho lihoreng tsa ka mor’a mosebetsi kaha motšehare mehala ea thelefono ea Mokhatlo e tlala haholo.
● Lik’hasete tse Ncha tse Hatisitsoeng tse Fumanehang:
Ho Mamela Mosuoe e Moholo (sete ea lik’hasete tse ’nè le buka ka har’a albamo; phutheho le batho bohle: R30,00; bo-pula-maliboho: R23,00)—Seafrikaanse
● Tse Fumanehang Hape Afrika Boroa:
Albamo ea Awake! e hatisitsoeng k’haseteng (e sa tšelang letho) (Albamo e maroon ea vinyl bakeng sa lik’hasete tse 24; phutheho le batho bohle: R23,50; bo-pula-maliboho: R19,50)