Litsebiso
◼ Mpho ea buka ka April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R17,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,50. June: Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R4,00. July: E ’ngoe ea libukana tsena tse lekanang le makasine: Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, kapa ’Muso o Tla Tlisa Paradeise ka monehelo oa lisente tse 80 e le ’ngoe. TLHOKOMELISO: Liphutheho tse e-s’o ka li odora libuka tsena tse boletsoeng ka holimo tsa phutuho li lokela ho etsa joalo foromong ea tsona e latelang ea khoeli le khoeli ea “Literature Order” (S-AB-14).
◼ Molebeli ea okamelang o lokela ho etsa bonnete ba hore litokisetso tsohle tsa mokete oa Sehopotso li maemong a lokileng. Tsena li akarelletsa likabelo tsa bahlokomeli le ba tla fetisa litšoantšetso haesita le hore ho teng bohobe bo sa lomosoang, veine e khubelu, likhalase, joalo-joalo.—Bona lethathamo la lintlha tse tokollong ea March ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
◼ Bahlokomeli Sehopotsong ba lokela ho ba seli hore ba lumelise batho ba bacha le ba sa atiseng ho ba teng libokeng. Lekang ho fumana mabitso le liaterese tsa batho bao mohlomong ba hlokang motho ea ka ba khannelang thuto ea lehae ea Bibele. Boitsebiso bona bo lokela ho nehoa molebeli oa tšebeletso.
◼ Ho ’nile ha botsoa lipotso tabeng ea hore na ebe ho loketse ho qala puo ea lepato ka pina le thapelo. Tataiso ea morao-rao e amohetsoeng Brooklyn e bontša hore ho loketse ho bula le ho koala lipuo tsa lepato ka pina le thapelo.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora meqolo ea The Watchtower le Awake! ea 1991. Meqolo ena e tla fumaneha ka Senyesemane, Segerike, Setaliana, le Sepotoketsi. Liodoro li se ke tsa romelloa hammoho le chelete haeba phutheho ea lōna e na le molato oa libuka Mokhatlong. Meqolo ena e tla lefisoa molatong oa libuka oa phutheho. Ho fihlela ha meqolo ena e fumaneha ’me e rometsoe, e tla hlaha ho li-invoice tsa phutheho e le “Li tla Romeloa.” Liphutheho tse nang le likhaello molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romella chelete hammoho le liodoro tsa tsona. Meqolo ena ke ea setoko se laoloang ’me e tla lefisoa ka R17,00 o le mong bakeng sa phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho.
◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
Searabia: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?; Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Sechaena: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?; Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Sedutche: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Sefora: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?; Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Sejeremane: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?; Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Sehungari: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?; Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Setaliana: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?; Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Sepolish: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?; Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Seshona: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Sespanishe: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.
◼ Lik’hasete tse Ncha tse Fumanehang:
Sexhosa: Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele (sete ea lik’hasete tse hlano ka har’a albamo; phutheho le batho bohle: R30,00; bo-pula-maliboho: R26,00).
◼ Tse Leng Sieo ka ho Felletseng Setokong Afrika Boroa:
Senyesemane: Awake! binder; Watchtower binder; Watch Tower Publications Index 1986-1989.