Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/93 maq. 5-6
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 4/93 maq. 5-6

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa January 4 ho ea ho April 19,1993. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ke ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Ha ho khannoa thuto ea Bibele, ka linako tse ling ho ka ba molemo ho se arabe lipotso tsohle tse phahamang, empa ho li boloka hore le bue ka tsona nakong e tlang. [sgSU leq. 94 ser. 14]

2. Sepheo se seng se ka sehloohong Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ke ho re thusa hore re atlehe haholoanyane tšebeletsong ea tšimo. [sgSU leq. 96 ser. 1]

3. Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, lintlha tseo seithuti se tla fuoa keletso ho tsona ke tseo se ileng sa tsebisoa esale pele hore se sebeletse ho tsona. [sgSU leq. 101 ser. 7]

4. Ho fihlela joale ha ho e-s’o be le bopaki ba ho epolloa ha lintho tsa khale bo tšehetsang Marena a Pele. [siSU leq. 65 ser. 4]

5. Ha hoa lekana hore moena ea fanang ka keletso a bolelle sebui hore se entse hantle kapa hore ho hlokahala hore se sebeletse hape tšoanelehong e itseng ea puo. [sgSU leq. 103 ser. 15]

6. Hangata bofokoli ba linehelano tsa ntlo le ntlo ke hore kenyeletso e ba telele haholo, ’me mong’a ntlo o ipotsa hore na Paki e tla kena neng tabeng. [sgSU leq. 115 ser. 14]

7. Haeba phutheho e na le lisebelisoa tse holisang lentsoe, joale ha ho hlokahale ho eletsa libui tsa liithuti tabeng ea molumo oa lentsoe. [sgSU leq. 117 ser. 6]

8. Ha seithuti se nehelana ka puo, ho etsa khefu ke habohlokoa hoo ho etsoang tlhahiso ea hore sebui se ka ba sa bontša puong ea sona e ngotsoeng kapa kemisong ea sona moo ka ho khetheha ho hlokahalang hore se etse khefu. [sgSU leq. 120-1 lir. 20, 23]

9. Se ileng sa boleloa esale pele ke senohe Ene-dore ha sea ka sa phethahala boemong leha e le bofe. (1 Sam. 28:19) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU79 11/1 leq. 14.]

10. Phihlelo ea Davida le Bathesheba e lokela ho hatisa ho batsoali hore boitšoaro ba bona bo ka ama bana ba bona ka ho tebileng. (2 Sam. 12:13, 14) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU86 3/15 leq. 31.]

Arabela lipotso tse latelang:

11. Eli le Saule ba ile ba hlōleha hokae? [siSU leq. 57 ser. 27]

12. Ha re ngola mangolo, re ka bontša thahasello ho motho eo re mo ngollang joang? [sgSU leq. 89 ser. 13]

13. Re ka lebisa bamameli ba rōna Bibeleng ka katleho joang ha re nehelana ka puo? [sgSU leq. 122 ser. 3]

14. Ho boleloa eng ho 2 Samuele 18:8, e reng: “Moru oa e-ja batho ba fetisang ba jeloeng ke lerumo”? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU87 3/15 leq. 31.]

15. Ke mang ea ileng a etsa hore Davida a bale Baiseraele? (2 Sam. 24:1) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU92 7/15 leq. 5.]

16. Ho 1 Marena 8:12, ke hobane’ng ha Salomone a ile a re: “Jehova o itse, o rata ho aha lefifing le letšo”? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU80 1/15 leq. 23.]

17. Ho ipakile joang hore ho na le batho ba kang mofumahali oa Sheba kajeno? (1 Mar. 10:4, 7) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona suSU leq. 149 ser. 8.]

18. Ke bopaki bofe ba ho epolloa ha lintho tsa khale bo tšehetsang tlaleho e ho 1 Marena 14:25, 26? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ce leq. 212 ser. 31.]

19. Marena a Pele 15:14 e bolela’ng ha e re ‘Asa ha a ka a tlosa lingalo tse phahameng’? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU81 7/1 leq. 28 mongolong o botlaaseng ba leqephe.]

Fana ka lentsoe kapa polelo e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

20. Ha u paka ka lengolo, ka mehla u bontše ․․․․․․․ karolong e ka ntle ea enfelopo. [sgSU leq. 87 lir. 7, 8]

21. E le ho qoba ho fana ka maikutlo a botho ha u lokisetsa puo, u lokela ho sebelisa ․․․․․․․ ’me u itšetlehe ka tsona. [sgSU leq. 111 ser. 13]

22. E le ho finyella morero oa puo, ha hoa lokela ho kenyeletsa boitsebiso ․․․․․․․ [sgSU leq. 112 ser. 19]

23. Ha 1 Samuele 25:37 e bolela hore “ebile pelo ea [Nabale] e shoa ka hare ho eena,” e bolela hore ka ho totobetseng o ile a tšoaroa ke ․․․․․․․. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU80 12/15 leq. 26.]

24. Selekane se hlalositsoeng ho 2 Samuele 7:12, 13 ke ․․․․․․․. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU89 2/1 leq. 14.]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

25. Ho bonahala eka Jeremia o ile a qeta ho ngola Marena a Pele ka (1040; 607; 580) B.C.E. [siSU leq. 64]

26. Samuele oa Bobeli e nka nako e pakeng tsa (hoo e ka bang ka 1180-1078; 1077 ho ea ho hoo e ka bang ka 1040; 1040-911) B.C.E. [siSU leq. 59 ser. 3]

27. Re lokela ho hlokomela hore kenyeletsong re sebelise feela (se thahaselisang bamameli; se etsang hore u chesehe; se tlatsetsang morerong oa hao oa ho bua). [sgSU leq. 114 ser. 8]

28. Kajeno, Barefaime ba mehleng ena ke (babusi ba bahatelli; baruti; Machaba a Kopaneng). (2 Sam. 21:20) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU89 1/1 leq. 20 ser. 8.]

29. Ho latela 1 Marena 6:1, Salomone o ile a qala ho haha tempele ka (1037; 1034; 1020) B.C.E. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona siSU leq. 285 ser. 8.]

30. Ho 1 Marena 18:21-40, tseko ea sebele e ne e le hore na ke molimo ofe (ea neng a na le barapeli ba bangata; ea neng a tšehetsoa ke balaoli ba phahameng; ea lokelang ho sebeletsoa). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w84 7/15 maq. 8-9.]

Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

2 Sam. 1:26; 6:6, 7; 13:14, 15; 1 Mar. 1:1; Ba-Heb. 10:23-25

31. Motho e mong le e mong o na le boikarabelo ba botho ba ho fana ka likarabo libokeng. [sgSU leq. 92 ser. 7]

32. Boikemisetso bo botle ha bo fetole seo Molimo a se hlokang. [siSU leq. 63 ser. 30]

33. Ho na le tlamo e babatsehang ea bonngoe bo lerato pakeng tsa “linku tse ling” le masala. (Joh. 10:16) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU89 1/1 maq. 25-6.]

34. Lebaka feela la hore mohlankana o bontša ngoanana lerato le nang le takatso ’me o tsitlalla hore ba be le likamano tsa botona le botšehali ha ho bolele hore o mo rata ka tieo. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona yySU leq. 140 ser. 22.]

35. Ho tloaelehile hore batho ba baholo ba fumane ho le thata ho futhumala. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape g82 6/8 leq. 22.]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela