Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/93 leq. 9
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 4/93 leq. 9

Litsebiso

◼ Buka e tla buelloa ka April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R17,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,50. June: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R8,00. July: E ’ngoe ea libukana tsena tse lekanang le makasine e ka sebelisoa: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? kapa Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! ka monehelo oa lisente tse 80 e le ’ngoe.

◼ Ho entsoe liphetoho bukeng ea Tataiso ea Sekolo ho nchafatsa mantsoe le mehato. Phethoho feela e khōlō e maqepheng 100 ho ea ho 102, e ama Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ’me sena se etsa hore mehato e lumellane le litaelo tse ngotsoeng Kemisong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ea selemo le selemo. Joale buka ena e nchafalitsoeng ea Tataiso ea Sekolo e fumaneha ka Senyesemane ’me liphutheho li ka e odora ha li e hloka.

◼ Ho se ho ntse ho etsoa litokisetso tsa tšimo e sa abuoang ho tloha ka August ho fihlela October 1993. Liphutheho tsohle li tla fumana lengolo le fanang ka boitsebiso bo eketsehileng ha nako e ntse e tsamaea.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora 1993 Yearbook of Jehovah’s Witnesses liodorong tsa tsona tsa libuka tsa April. 1993 Yearbook e tla fumaneha ka Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi le Setaliana. Yearbook ke lintho tsa setoko se laoloang ’me e tla lefisoa molatong oa libuka ka R2,80 e le ’ngoe. Bo-pula-maliboho ba bileng lenaneng ka likhoeli tse fetang tse tšeletseng ba ka iphumanela kopi ea mahala eo phutheho e tla e kōpela phokoletso. Bo-pula-maliboho ba ka iphumanela likopi tse eketsehileng ka R1,40 e le ’ngoe.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora meqolo ea The Watchtower le Awake! ea 1992. Meqolo ena e tla fumaneha ka Segerike, Senyesemane, Sepotoketsi le Setaliana. Liodoro li se romelloe hammoho le chelete haeba phutheho ea lōna e na le molato oa libuka le Mokhatlo. Meqolo ena e tla lefisoa molatong oa libuka oa phutheho. Ho fihlela ha meqolo ena e fumaneha le ho romeloa, e tla hlaha ho li-invoice tsa phutheho e le “Back Ordered.” Liphutheho tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romella chelete hammoho le liodoro tsa tsona. Meqolo ena ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa R17,00 o le mong bakeng sa phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho.

◼ Ka kōpo hlokomelang hore ho tla ba le nyollo ea litheko likhatisong tsohle tsa rōna ho tloha ka June 1, 1993. Ka mohlala, theko e ncha ea limakasine e tla ba lisente tse 80 kopi ka ’ngoe bakeng sa bahoeletsi le lisente tse 40 bakeng sa bo-pula-maliboho. Liphutheho tsohle li tla fumana likopi tse nchafalitsoeng tsa Cost List tse bontšang litheko tse ncha. Hang-hang kopi e ’ngoe e lokela ho manehoa lematjaneng la litsebiso. Re khothalletsa bohle ho itloaetsa litheko tse ncha.

◼ Lik’hasete tsa Video tse Ncha tse Fumanehang:

Sepotoketsi: Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name (phutheho le batho bohle: R45,00; bo-pula-maliboho: R40,00).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela