Litsebiso
◼ Buka e tla buelloa ka May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R17,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,50. June: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R9,00. July: E ’ngoe ea libukana tsena tse lekanang le makasine e ka sebelisoa: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, ka monehelo oa lisente tse 90 e le ’ngoe. August le September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R9,00. Libuka tse nyenyane ke R4,50. TLHOKOMELISO: Liphutheho tse sa odorang libuka tsena tsa phutuho tse boletsoeng ka holimo li lokela ho etsa joalo foromong ea tsona ea khoeli e tlang ea Literature Order (S-AB-14).
◼ Ho balebeli ba okamelang: Re le mema hore le romelle Mokhatlo liphihlelo leha e le life tse ikhethang tseo phutheho ea lōna e bileng le tsona har’a selemo, ho akareletsa le liphihlelo tsa tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang le letsatsi le khethehileng la limakasine, April 3, 1993. Re batla ho khetha tse molemohali tšimong ea rōna bakeng sa tlaleho ea selemo le selemo. Ka kōpo le se ke la li romella ka mor’a July 1, 1993.
◼ Bangoli ba phutheho ba lokela ho lokisetsa hore ho buisanoe le bahlanka ba li-account le ba limakasine ka lirapa 44 ho ea ho 45 tsa Litaelo tsa Lenaneo la Litheko (S-15) khoeling ena ’me ba tiise hore baena ba joalo ba utloisisa hantle boitsebiso bo ngotsoeng moo. Haeba le na le lipotso leha e le life mabapi le liodoro tsa limakasine, kapa le se na kopi ea S-15, ka kōpo tsebisang Mokhatlo.
◼ Re lakatsa ho tsebisa esale pele bo-pula-maliboho bohle ba ka mehla ba e-song ho ee Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho hore sekolo se tla ba teng ka November le karolong e qalang ea December 1993. Ka kōpo etsang litokisetso tse tobileng tsa ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-Maliboho ka November. Nakong e fetileng, ba bang ka ntle ho mabaka a utloahalang ba ile ba fetoa ke tokisetso ena. Ha re batle hore pula-maliboho leha e le efe e fetoe ke sekolo. Le tla fumana boitsebiso bo eketsehileng ka molebeli oa lōna oa potoloho.
◼ Bethele e hloka litšebeletso tsa mooki ea nang le mangolo a mosebetsi ona. Haeba u ka khona ho arabela tlhokong ena, ka kōpo ngolla Mokhatlo ’me u kōpe foromo ea ho sebeletsa Bethele.
◼ Mona re tsebisa liphutheho tsohle tse isetsoang lingoliloeng ke koloi ea Mokhatlo hore ho tloha joale ho tla kenyeletsoa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso hammoho le lingoliloeng tse ling le limakasine, moo ho bonahalang hore sena se tla ba molemo. Ka linako tse ling ho ka hlokahala hore re romele Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka poso. Leha ho le joalo sena se tla etsoa haeba feela tšebeletso ea poso e potlaka ho feta ea Mokhatlo. Ka kōpo tiisang hore le lata thepa ea lōna ka mehla moo e fihlelang teng.
◼ Hona joale Mokhatlo o ntse o lokisetsa ho sebelisa CD-ROM e tla sebelisoa ho li-computer. Ena ke compact disk eo u ka e balang feela. E tla lumella motho hore a shebe ho computer tšupiso leha e le efe ea New World Translation, meqolo ea Insight, The Watchtower ea ho tloha ka 1950 ho ea ho 1993, le likhatiso tse ling tse ngata tse nang le copyright. CD-ROM e tla kopanyeletsa program e ka sebelisoang ka mekhoa e sa tšoaneng, e feto-fetohang, le e iqapetsoeng ke Mokhatlo ea ho batlisisa likhatisong tseo. Ho tla hlokahala sesebelisoa se loketseng bakeng sa ho bala li-CD-ROM. CD-ROM ena e lokela ho fumaneha qalong ea selemo se tlang. Ka kōpo le se ke la ngolla Mokhatlo kapa la o letsetsa bakeng sa boitsebiso. Ha ho qetiloe ho hlophisoa boitsebiso, re tla romela lengolo liphuthehong tsohle, re fana ka makolopetso mabapi le thepa e tla hlokahala ho sebelisa CD-ROM ena e ncha.