Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/93 leq. 5
  • Tlaleho e Ntle ea April!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlaleho e Ntle ea April!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 8/93 leq. 5

Tlaleho e Ntle ea April!

1 Re thabela tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 55 727 ka April. Ho phaella moo, re bile le tlhōrō e ncha ea lithuto tsa Bibele tse 62 060. Le sebelitse ka thata haholo ’me rea le babatsa bakeng sa hona. Ka kōpo le ’ne le boloke mohlala oa lōna o bontšang cheseho tšimong.

2 Na re ka iketsetsa pakane ea tlhōrō e ncha ka August? See se ka finyelloa joang? Haeba mohoeletsi e mong le e mong a kopanela ka ho feletseng tšebeletsong ka August ’me a nehelana ka tlaleho ea hae hang-hang bofelong ba khoeli re lumela hore re ka finyella tlhōrō e ’ngoe e ncha. Mokhanni e mong le e mong oa thuto ea buka o tla batla ho boloka palo e lekanyelitsoeng ea liforomo tsa ho tlaleha (S-4) setsing sa sehlopha sa hae hore a li nehe sehlopha sa hae. O lokela ho hopotsa bahoeletsi hore ba kenye litlaleho tsa bona lebokoseng le ngotsoeng “Litlaleho tsa Tšebeletso ea Tšimo” Holong ea ’Muso.

3 Ho thoe’ng ka liithuti tsa Bibele tse hatelang pele? Na leha e le ofe oa tsona oa tšoaneleha ho kopanela le rōna tšebeletsong ka August? Ho lokela ho be le keketseho e tsitsitseng ea bahoeletsi ba bacha khoeli E ’NGOE LE E ’NGOE ho tsoa ho lithuto tsa Bibele tse khannoang tse fetang 62 000. Ke hobane’ng ha le sa sebelise litlhahiso tse ntle tse fanoeng kenyeletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May 1993 bakeng sa ho thusa batho baa ka ho eketsehileng hore ba hatele pele?

4 E se eka bohle re ka etsa boiteko ba ho fana ka bopaki bo feletseng tšimong eo re e abetsoeng. Hopola hore u lokela ho ‘’na u eketsa ka mehla ho sebeletsa Morena, u ntse u tseba hobane mosebetsi oa hao e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.’—1 Ba-Kor. 15:58.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela