Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/94 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 4/94 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R19,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli kapa lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R9,50. June: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R3,00. July: Libukana leha e le life tse maqephe a 32 tseo e ka ’nang eaba phutheho e na le tsona setokong ka monehelo oa lisente tse 90. Moo ho se nang libukana tsena, ho ka nehelanoa ka libukana tse lekanang le makasine ka monehelo oa lisente tse 90 e le ’ngoe.

◼ Mangolo ’ohle a eang ho Mokhatlo a lokela ho hlahlojoa le ho romeloa ke mongoli. Ka mosa tiisa hore aterese e feletseng ea phutheho, ho kopanyeletsa le postal code, e bontšitsoe holimo lehlakoreng le letšehali kapa ka morao ho enfelopo.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora 1994 Yearbook of Jehovah’s Witnesses liodorong tsa tsona tsa libuka tsa April. ’Me 1994 Yearbook e tla fumaneha ka Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi le Setaliana. Li-yearbook ke lintho tsa setoko se laoloang ’me e tla lefisoa molatong oa libuka ka R4,50 e le ’ngoe. Bo-pula-maliboho ba bileng lenaneng ka likhoeli tse fetang tse tšeletseng ba ka iphumanela kopi ea mahala eo phutheho e tla e kōpela phokoletso. Bo-pula-maliboho ba tla iphumanela likopi tse eketsehileng ka R3,00 e le ’ngoe.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora meqolo ea Molula-Qhooa le Tsoha! ea 1993. Meqolo ena e tla fumaneha ka Sedutch, Sefora, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi le Setaliana. Liodoro li se romelloe hammoho le chelete haeba phutheho ea lōna e na le molato oa libuka le Mokhatlo. Meqolo ena e tla lefisoa molatong oa libuka oa phutheho. Ho fihlela ha meqolo ena e fumaneha le ho romeloa, e tla hlaha ho li-invoice tsa phutheho e le “Back Ordered.” Liphutheho tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le liodoro tsa tsona. Meqolo ena ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa R18,00 o le mong bakeng sa phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho.

◼ Ka kōpo komiti ea tšebeletso e lokela ho hlokomela hore liodoro tsohle tse tla etsoa, kapa liphetoho liodorong, bakeng sa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso li lokela ho etsoa ka lihlopha tsa tse ’nè. Re tla fetola liodoro tsohle tsa hona joale hore li be haufi le palo e aroloang ka ’nè. Sena ha se ame liodoro tsa limakasine, tse ntseng li lokela ho odoroa ka lihlopha tsa tse hlano.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela