Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R19,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli kapa lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R9,50. June: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R3,00. July: Libukana leha e le life tse maqephe a 32 tseo e ka ’nang eaba phutheho e na le tsona setokong ka monehelo oa lisente tse 90. Haeba phutheho e se na libukana tsena, bukana e loketseng e lekanang le makasine e ka sebelisoa hore e be eona e buelloang. Libukana tse maqephe a 32 ha lia lokela ho kōpuoa ho Mokhatlo kaha li le sieo, empa liphutheho li lokela ho sebelisa libukana tse joalo tseo li nang le tsona hona joale.
◼ Pele ba qala lenaneo la ho haha Holo ea ’Muso, baholo ba lokela ho iteanya le Komiti ea Kaho ea Lebatooa ea sebaka sa habo bona. Likomiti tsa Lebatooa li na le boitsebiso bo ka thusang liphutheho ho etsa liqeto tse bohlale. Ke bohlale ho nahana ka litlhahiso tse fanoeng ke likomiti tsa lebatooa pele ho rekoa lintho tse kang litulo, lintho tsa ho koahela mabota, k’hapete, kapa thepa ea ho futhumatsa moea le ho o pholisa. Le hoja Mokhatlo o sa buelle barekisi leha e le bafe, o arolelana boitsebiso le Likomiti tsa Kaho tsa Lebatooa mabapi le barekisi bao pele ba ileng ba fana ka thepa e ntle ea kaho ka mokhoa o tšepahalang.
◼ Tse Fumanehang Hape Afrika Boroa:
Sezulu: Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna.
◼ K’hasete e Ncha e Fumanehang:
Senyesemane: Doing What Is Right in Jehovah’s Eyes (Drama; k’hasete e le ’ngoe; phutheho le batho bohle: R7,50; bo-pula-maliboho: R6,50).