Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R30,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R15,00. Lipeeletso tsa club ke R19,00 le R9,50 ka tatellano. June: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R3,50. July le August: Libukana leha e le life tse latelang tse lekanang le makasine tse maqephe a 32 li ka sebelisoa ka monehelo oa R1,00 e le ’ngoe: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na u Lokela ho Lumela Boraro-bo-Bong?, le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng.
◼ Molebeli ea okamelang o lokela ho letsetsa Mokhatlo haeba a sa amohela phepelo ea phutheho ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka la 20 khoeling e ka pele ho khoeli ea tokollo eo. Haeba aterese ea molebeli ea okamelang e fetotsoe, ka kōpo romela foromo e tlatsitsoeng ea Phetolo ea Aterese ea Molebeli ea Okamelang (S-29) ho Mokhatlo hang-hang, kaha Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e romeloa atereseng ea molebeli ea okamelang.
◼ Mona ho latela matsatsi a ka ’nang a fetoloa le metse bakeng sa likopano tsa setereke tsa 1995:
La 24-26 November:
St. Helena (Senyesemane)
La 8-10 December:
Empangeni (Sezulu)
Gaborone, Botswana (Senyesemane, Setswana)
Windhoek (lenaneo la lipuo tse peli tsa Seafrikanse/Senyesemane, Sekwanyama/Sendonga)
La 15-17 December:
East London (Senyesemane, Sexhosa)
Lebowakgomo (Sepedi, likarolo tse ling ka Sevenda)
Mafikeng (Setswana)
Newcastle (Sezulu)
Nkowankowa (Setsonga)
Umtata (Sexhosa)
La 23-25 December (Moqebelo-Mantaha):
Butterworth (Sexhosa)
Cape Town (Seafrikanse, Senyesemane, Sexhosa)
Durban (Sezulu)
Johannesburg (Seafrikanse, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sezulu)
KaNyamazane (Sezulu)
Kokstad (Sexhosa)
Pietermaritzburg (Sezulu)
La 30 December–la 1 January, 1996 (Moqebelo-Mantaha):
Botshabelo (Sesotho)
Durban (Senyesemane)
Manzini (Senyesemane, Sezulu)
Maseru (Sesotho)
Port Elizabeth (Seafrikanse, Senyesemane, Sexhosa)
Pretoria (Seafrikanse, Senyesemane, Sezulu, lenaneo la lipuo tse tharo tsa Sepedi/Sesotho/Setswana)
Welkom (Seafrikanse, Senyesemane)