Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka July le August: Libukana leha e le life tse latelang tse lekanang le makasine tse maqephe a 32 li ka sebelisoa ka monehelo oa R1,00 e le ’ngoe: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-Bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R10,50. Libuka tse nyenyane ke R5,30. Ho lokela ho etsoe boiteko ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. October: Lipeeletso tsa selemo se le seng ka poso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R33,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R16,50. Lipeeletso tsa club ke R19,00 le R9,50 ka tatellano. Etsang boiteko bo khethehileng ba ho tsamaisa likopi tsa limakasine ha peeletso e hanoa.
◼ Ho tloha ka September 1995, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Thuto ea Bomolimo E-ea Hlōla Lefatšeng Lohle.” Ena ke nehelano ea liselaete e totobatsang Likopano tsa “Thuto ea Bomolimo” tse khethehileng tsa machaba tse neng li tšoeroe nakong e fetileng.
◼ Ho qala ka September 1995 likopano tsa potoloho le matsatsi a kopano a khethehileng le Likopanong tsa Setereke tsa “Barorisi ba Thabileng” bofelong ba selemo, ho ke ke ha ba le lijo. E mong le e mong o lokela ho itlela le lijo le se nooang. Litšenyehelo tse amang liketsahalo tsena li tla lefuoa ka menehelo ea boithatelo. Ho tla fanoa ka makolopetso a felletseng tokollong ea morao ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
◼ Liphutheho li hopotsoa ho odora lenane le lekaneng la liforomo bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1996. Liforomo tsena ha lia lokela ho sebelisoa hampe. Li lokela ho sebelisetsoa morero oo li o etselitsoeng feela.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Matsatsi a macha bakeng sa likopano tse latelang tsa setereke ke:
La 15-17 December: Gaborone, Botswana
La 23-25 December: Mafikeng
◼ Tse Leng Sieo ka ho Feletseng Setokong Afrika Boroa:
Meqolo ea Awake! ea ho tloha ka 1960 ho ea ho 1984 le 1986 ho ea ho 1988—Senyesemane
Meqolo ea The Watchtower ea 1961 le 1988—Senyesemane