Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka August: Libukana leha e le life tse latelang tse maqephe a 32 li ka sebelisoa ka monehelo oa R1,00 e le ’ngoe: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-Bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo o khethehileng, o theotsoeng oa R8,00. Libuka tse nyenyane ke R4,00. (Bakeng sa phutuho ea tšimo e sa abuoang litheko tsena tse theotsoeng tsa buka ea Phela ka ho sa Feleng li sebetsa bakeng sa likhoeli tsohle tse tharo.) October: Lipeeletso tsa selemo se le seng ka poso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R33,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli ke R16,50. Lipeeletso tsa club ke R19,00 le R9,50 ka tatellano. November: Nehelanang ka buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R5,30.
◼ Phutheho ka ’ngoe e tla amohela liforomo tse tharo tsa Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka (S-AB-18). Mongoli oa phutheho o lokela ho teana le mohlanka oa libuka mathoasong a August ’me a behe letsatsi la ho tlatsa lenane la lingoliloeng tsa phutheho tse leng setokong bofelong ba khoeli. Ho lokela ho baloe ka ho toba lenane la lingoliloeng tsohle tse leng setokong, ’me kakaretso e tlatsoe foromong ea Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka. Kakaretso ea limakasine tse leng teng e ka fumanoa ho mohlanka oa limakasine. Ka kōpo romelang leqephe la “original” ho Mokhatlo pele ho la 6 September. Ipolokeleng kopi ea carbon lifaeleng tsa lōna. Le ka sebelisa kopi ea boraro e le eo le sebeletsang ho eona. Leqephe lena la ho tlatsa manane le lokela ho tlatsoa tlas’a bolebeli ba mongoli, ’me foromo e tlatsitsoeng e lokela ho hlahlojoa ke molebeli ea okamelang. Mongoli le molebeli ea okamelang ba tla tlatsa foromo eo.
◼ Mongoli oa phutheho o tla bokella litlaleho tsa tšebeletso bakeng sa ho tlatsa foromo ea Tlhahlobo ea Peho ea Phutheho (S-10). O tla boetse a fana ka litaelo ka hloko ho moholo leha e le ofe kapa mohlanka ea sebeletsang ea tla beng a mo thusa ho bokella tlaleho eo. Sena se tla tiisa hore ho entsoe lethathamo le nepahetseng la boitsebiso bo hlokahalang likareteng tsa Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho (S-21). Foromo ea Tlhahlobo ea Peho ea Phutheho (S-10) e lokela ho tlatsoa ka nepo le ka makhethe ’me e hlahlojoe ka hloko ke komiti ea tšebeletso.
◼ Ka la 25 le la 26 August Mokhatlo o tla hlahloba manane a libuka tsohle tse Bethele. Ka lebaka la ho hlahlojoa hona ha manane, ha ho liodoro tsa libuka tsa phutheho tse tla romeloa kapa tse tla tla li latoa matsatsing ana.
◼ Re thabela ho le tsebisa hore 1995 Yearbook of Jehovah’s Witnesses ka Sezulu e fihlile. Re na le lenane le lekanyelitsoeng setokong bakeng sa ba ntseng ba batla likopi.
◼ Likhatiso Tse Ncha Tse Fumanehang:
Watch Tower Publications Index 1991-1994 (phutheho le batho bohle: R5,60; bo-pula-maliboho: R3,70)—Senyesemane