Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/95 leq. 7
  • Batsoali ba Thabileng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batsoali ba Thabileng!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • U Behetse Bana ba Hao Lipakane Life?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Koetlisang Bana ba Lōna Hore e be Baboleli
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Ba Khothalletseng ho Hahamalla Lipakane Tsa Moea
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 8/95 leq. 7

Batsoali ba Thabileng!

1 Haeba u mocha ea phelang lelapeng la Bokreste, ho na le tsela e khethehileng eo ka eona u ka thabisang batsoali ba hao. Haeba u hahamalla tsela e lokileng, “ntata’o le ’ma’o ba tla thaba.” (Liprov. 23:22-25) Ka tlhaho batsoali ba hao ba u batlela se molemohali. Ho u bona u etsa hore ’nete e be ea hao le ho nehela bophelo ba hao ho Jehova ho tla ba thabisa haholo ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe.

2 U tlameha ho leboha hore ebe u na le batsoali ba leng ’neteng. Ho tloha ha u hlaha, ba ile ba u fepa, ba u apesa le ho u fa lehae haesita le ho u hlokomela ha u kula. Habohlokoa le ho feta, ba lekile ho u ruta ka Jehova le ka litsela tsa hae tse lokileng; ena ke koetliso e ka u tiisetsang hore u tla fumana bophelo bo sa feleng. (Ba-Ef. 6:1-4) U ka bontša kananelo ea hao joang?

3 Etsa Hore ’Nete e be ea Hao: Batsoali ba hao ba ile ba leka ho u ruta hore u nke ’nete ka ho teba, u hatele pele moeeng le ho lula haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. U ka bontša kananelo ka ho ba le thahasello thutong ea lelapa ho sa hlokahale hore u sututsoe. Bontša takatso ea ho ba teng libokeng, u nke khato ea pele ka hore u itokise e le hore lelapa le ka fihla ka nako. Lula le batsoali ba hao nakong ea liboka, le ho mamela ka hloko ka ho phetla likhatisong tse ithutoang. Hahamalla ho ba le karolo libokeng ka ho araba. Iponahatse hore u seithuti se ikemiselitseng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, u amohele likabelo ’me u etse se molemohali seo u ka se khonang ho li phetha. Ithaopele ho thusa ka ho etsa mesebetsi Holong ea ’Muso, moo thuso ea hao e ka hlokahalang haholo. Ho tšoareha mesebetsing e joalo ho ka boloka pelo ea hao e tsepame linthong tse molemo ho uena moeeng.

4 Ipehele Lipakane Tse Tsoelang Pele: Hahamalla ho kopanela ka tsela e behang tšebeletsong ea tšimo, u bontše takatso ea ho tšoaneleha ho ba mohoeletsi. Tsamaisana le ’malo oa Bibele oa beke le beke, kapa, habohlokoa haholoanyane, bala Bibele eohle ka bouena. Ikemisetse hore u finyelle litlhokahalo tsa boinehelo le kolobetso. Ka sepheo sa hore u fumane koetliso e tla u hlomella hore u be le karolo e tletseng haholoanyane tšebeletsong ea Jehova, batsoali ba hao ba ka u thusa ho lokisa lenaneo la hao la thuto ea sekolo ka hloko. Ameha haholo ka ho hōlisa botumo bo tla susumelletsa ba bang hore ba u buelle bakeng sa litokelo tse khethehileng tse kang bopula-maliboho kapa tšebeletso ea Bethele. (Lik. 16:1, 2) Ho finyella lipakane ho ka u thusa hore u ‘lemohe litaba tse fetisang ka molemo, u tle u tlale litholoana tsa ho loka.’—Ba-Fil. 1:10, 11.

5 Bocha ke nako ea ho ithuta, ho fumana phihlelo le ho fumana tsebo ea ho sebelisana le ba bang. Ke nako ea hore u thabele bophelo bo se nang likhatello le boikarabelo tse tlisoang ke ho ba motho e moholo. Salomone o itse: “Mohlankana, thabela bocha ba hao, ’me pelo ea hao e ke e u nyakalatse matsatsing a bocha ba hao.” (Moek. 11:9) Haeba u ikemiselitse ho sebeletsa Jehova bocheng ba hao, u tla kotula litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng.—1 Likron. 28:9.

6 Haeba u ‘phehella ho loka’ ho e-na le “litakatso tsa bocha,” u tla imolla batsoali ba hao moroalong o boima oa ho tšoenyeha le masisa-pelo. (2 Tim. 2:22) U tla thabisa pelo ea hao. (Liprov. 12:25) Ka holimo ho tsohle, u tla thabisa ’Mōpi oa hao, Jehova Molimo.—Liprov. 27:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela