Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka June: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R3,50. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang ka monehelo oa R1,00 e le ’ngoe: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Moo ho loketseng, ho ka nehelanoa ka bukana ea Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? September: Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng ka monehelo oa R3,50. E ’ngoe e ka fanoang ke U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.
◼ Ho qala ka beke ea la 9 September, 1996, ho fihlela ka beke ea la 29 September, 1997, ho tla be ho ithutoa buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela Thutong ea Buka ea Phutheho.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba libuka tsa lichelete tsa phutheho ka la 1 June kapa kapele ka mor’a moo. Tsebisa phutheho ha sena se entsoe.
◼ Ho balebeli ba okamelang: Re le mema hore le romelle Mokhatlo liphihlelo leha e le life tse ikhethang tseo phutheho ea lōna e bileng le tsona nakong ea selemo sena, ho akarelletsa liphihlelo tsa tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang le tsa Letsatsi la Limakasine le khethehileng ka April. Re batla ho khetha tse molemohali tse tsoang tšimong ea rōna bakeng sa tlaleho ea selemo. Re kōpa hore le be le li rometse pele ho la 1 July, 1996.
◼ Re thabela ho le fa matsatsi a sa tiisoang le metse bakeng sa Likopano tsa Setereke tsa 1996 tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo.”
La 22-24 November:
St. Helena (Senyesemane)
La 6-8 December:
Butterworth (Sexhosa)
Empangeni (Sezulu)
Gaborone (Senyesemane, Setswana)
Germiston (Puo ea Matsoho, Senyesemane, Sepotoketsi)
KaNyamazane (Sezulu)
Thohoyandou (Sevenda)
Welkom (Seafrikaanse, Senyesemane)
Windhoek (Seafrikaanse/Senyesemane, Sekwanyama)
La 13-15 December:
Durban (Senyesemane)
East London (Senyesemane)
East London (Sexhosa)
Giyane (Setsonga)
Kokstad (Sexhosa)
Lebowakgomo (Sepedi)
Mafikeng (Setswana)
Ongwediva (Sekwanyama)
Pretoria (Seafrikaanse, Senyesemane)
Umtata (Sexhosa)
La 20-22 December:
Botshabelo (Sesotho)
Cape Town (Puo ea Matsoho, Seafrikaanse, Senyesemane)
Cape Town (Sexhosa)
Durban (Sezulu)
Newcastle (Sezulu)
Soweto (Sesotho, Sezulu)
La 27-29 December:
Pretoria (Sepedi/Sesotho/Setswana, Sezulu)
Manzini (Senyesemane, Sezulu)
Maseru (Sesotho)
Pietermaritzburg (Sezulu)
Port Elizabeth (Seafrikaanse, Senyesemane)
Port Elizabeth (Sexhosa)
Springs (Sesotho, Sezulu)