Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka November: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R4,00. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho latella tsohle tse tsamaisitsoeng, ka sepheo sa ho qala lithuto tsa lehae tsa Bibele. December: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R10,00. January: Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U ka li fumana Joang? ka monehelo oa R4,00. February: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R12,00.
◼ Liphutheho tse ntseng li e-na le Kingdom News No. 34 li ka khothalletsa bahoeletsi ho nehelana ka lipampitšana tsena ka mokhoa o tšoanang le oo lipampitšana tse ling li tsamaisoang ka oona, ebang ke ka ntlo le ntlo kapa libakeng tse ling. Haeba ho lumelleha tšimong ea lōna, bahoeletsi ba ka siea pampitšana e le ’ngoe lelapeng ka leng le se nang batho, ba etse bonnete ba hore ho hang ha e bonahale ho batho ba fetang ka tsela. Ho lokela hore ho etsoe boiteko ba ho tsamaisa likopi tsohle tse setseng tsa molaetsa ona oa bohlokoa.
◼ KHOPOTSO: Bohle ba lebeletse ka cheseho Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ka December. Na u tla ba teng? Na u entse litokisetso tsa hore u be teng matsatsi ’ohle a mararo? Selemong sena re tla ba le likopano tse nyenyane tse leng haufi le liphutheho tsa habo rōna ’me libakeng tse ling re tla sebelisa libaka tse ncha. (Bona Molula-Qhooa oa June 1, 1996, bakeng sa lintlha tse khōlō tsa kopano.) Lenaneo lena le leng nakong e tla ba le matlafatsang tumelo. Ka kōpo tiisa hore u iphumanela beche bakeng sa kopano nako e sa le teng. Mohoeletsi e mong le e mong o tlameha ho qhoaela beche ea hae e tla mo khetholla e le e mong oa Lipaki tsa Jehova nakong ea kopano. Libeche li ke ke tsa fumaneha likopanong.
◼ Ha le ngolla Mokhatlo mabapi le peeletso e sa fihlang, ka kōpo kenyang kopi e loketseng ea foromo ea Lipeeletso tsa Beke le Beke (M-203) hammoho le leqetšoana la peeletso. Sena se tla etsa hore ho qojoe tšenyo e sa hlokahaleng ea nako ha ho lokisoa bothata boo.