Likopano Tsa Machaba ka 1998
Joalokaha ho ile ha tsebisoa ka Moqebelo, la 5 October, 1996, sebokeng sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Sehlopha se Busang se rera ho tšoara likopano tsa machaba ka 1998. Hammoho le likopano tse tloaelehileng tsa setereke, ho tla tšoaroa likopano tse ngata tsa machaba Amerika Leboea, Afrika, Asia, Europe, Latin America, sebakeng sa Caribbean le Pacific Boroa.
Tse ’maloa tsa likopano tsena tse khethehileng li tla tšoaroa Amerika Leboea, ’me ho tla mengoa baeti ho pota lefatše. Hape, re ka lebella ho ba le baromuoa likopanong tsena tsa machaba. Baromuoa le ba bang ba leng tšebeletsong e khethehileng linaheng lisele ba tšoanelehang ba tla mengoa hore ba be teng ho e ’ngoe ea likopano tsena naheng ea habo bona kapa haufi le eona.
Lekala le tla tsebisa liphutheho mabapi le motse oa kopano ea machaba moo bahoeletsi ba tla memeloa teng. Ho tla fanoa ka boitsebiso mabapi le matsatsi le litokisetso tse ntseng li etsoa bakeng sa baeti ba khethiloeng. Bahoeletsi ba nahanang ho tlatsa liforomo tsa kōpo ea hore ba khethoe ba ka ’na ba lakatsa ho qala ho boloka chelete bakeng sa liketsahalo tsena tse khethehileng.