Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/97 leq. 3
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Khaotsa ho Nahana ka ba Bong bo Fapaneng?
    Tsoha!—1994
  • Bua le Bana ba Hao ka ho Kopanela Liphate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na ho Nyanyana Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ke ho Etsa Thobalano?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka Hlalosa Joang Seo ke se Lumelang ka ho Kopanela Liphate?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 5/97 leq. 3

Lebokose la Lipotso

◼ Ho hlokahala mehato efe e seli tšebeletsong ea rōna ha re e-na le motho e mong oa bong bo fapaneng?

Re na le lebaka la ho lebella hore bara le barali babo rōna ba ikemiselitse ho khomarela litekanyetso tse phahameng boitšoarong ba bona. Leha ho le joalo, re phela lefatšeng le silafetseng le le lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ebile le e-na le litekanyetso tse fokolang tsa boitšoaro. Le hoja re ka ba le boikemisetso bo botle, re tlameha ho lula re itebetse ka linako tsohle bakeng sa ho qoba ho baka nyeliso kapa ho ameha nthong e ’ngoe e sa tšoanelang. Sena se akarelletsa ho ba hlokolosi ha re le tšebeletsong.

Hangata ha re le tšebeletsong ea tšimo re kopana le batho ba bong bo fapaneng ba bontšang se bonahalang e le thahasello ea sebele ’neteng. Haeba u tsamaea u le mong ’me motho oa bong bo fapaneng a arabela monyako ’me a le mong ka tlung, hangata ho tla ba molemo ho paka u eme monyako ho e-na le hore u kene ka hare. Haeba ho e-na le thahasello, ho ka etsoa litokisetso tsa ho khutlela ha u tsamaea le mohoeletsi e mong kapa ha tse ling tsa litho tsa lelapa leo li le teng. Haeba sena se sa khonehe, ho tla ba bohlale ho fetisetsa motho eo ho mohoeletsi oa bong bo tšoanang le ba mong’a ntlo. Sena se boetse se sebetsa tabeng ea ho khanna lithuto tsa Bibele le batho ba bong bo fapaneng.—Mat. 10:16.

Ho hlokahala hore re be hlokolosi ha re khetha motho eo re tla sebetsa le eena tšebeletsong. Le hoja bahoeletsi ba bong bo fapaneng ba ka ’na ba sebetsa hammoho ka linako tse ling, ho molemo haholo ha sena se etsoa ha le e-na le sehlopha. Hangata, esita leha u le tšebeletsong, ha ho bohlale hore u qete nako e ngata u le mong le motho oa bong bo fapaneng eo e seng molekane oa hao oa lenyalo. Ka lebaka leo, mor’abo rōna ea ikarabellang bakeng sa sehlopha se eang tšebeletsong o lokela ho sebelisa kahlolo e molemo ha a aba bahoeletsi, ho akarelletsa le bacha, hore ba sebetse hammoho.

Ka ho sebelisa kahlolo e molemo ka linako tsohle, re tla qoba ‘ho fana ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa’ ho rōna ka borōna kapa ho ba bang.—2 Bakor. 6:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela