Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/98 leq. 5
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 4/98 leq. 5

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 5 January ho ea ho la 20 April, 1998. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Ho Liketso 15:29, polelo, “Bophelo bo botle ho lōna!,” e ne e le tšepiso e tšoanang le ho re, ‘Haeba le ila mali le bohlola, le tla phela hantle.’ [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 6/15 leq. 9 ser. 7 NW, ftn.]

2. Ho ameha ka botebo ka boiketlo ba moea ba Bakreste ba Korinthe ho ile ha susumelletsa Pauluse hore ha a le leetong la hae la bobeli la boromuoa a ba ngolle lengolo la hae la pele. [si-SU leq. 210 ser. 3]

3. Jesu ha a khutlela leholimong o ile a behoa boemong bo tšoanang le boo a neng a le ho bona pele e e-ba motho oa nama. [td-SU 15A]

4. Lentsoe “simony,” le nkiloeng tlalehong e ho Liketso 8:9-24, le bolela tšebeliso ea boselamose. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 6/1 leq. 17 ser. 8.]

5. Ho Baroma 8:6, 7, “nama” e bolela boemo ba rōna ba boetsalibe re le batho ba sa phethahalang ba nang le litšekamelo tsa boetsalibe tse futsitsoeng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 3/1 leq. 21 ser. 4.]

6. Tumellanong le Baefese 5:33, ho hlompha ha mosali monna oa hae ka botebo ha ho bolele hore a ke ke a ntša maikutlo a hae, haholo-holo haeba ho e-na le ntho e mo tšoenyang. [kl-SU leq. 144 lir. 12-13]

7. Kaha Matheu 11:11 e bontša hore “har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho e-s’o hlahisoe e moholo ho feta Johanne Mokolobetsi,” o tla ba har’a ba tla putsoa ka bophelo ba leholimong. [td-SU 6B]

8. Feela joalokaha morero oa Molimo oa ho kenya Balichaba ka phuthehong o sa ka oa utloisisoa ka ho hlaka ho fihlela ha baapostola ba bona se neng se hlile se etsahala phethahatsong ea boprofeta, Lipaki tsa Jehova li lumela hore kutloisiso ea tsona litabeng tse itseng e ’nile ea fetoloa kaha Molimo o ’nile a a fana ka leseli le tsoelang pele. [jv-SU leq. 629 lir. 4-5]

9. Ho Liketso 20:20, poleloana “ntlo le ntlo” e bolela feela maeto a bolisa malapeng a balumeli-’moho kaha moelelo oa taba o bontša hore Pauluse o ne a bua le baholo ba phutheho. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 1/15 leq. 11 ser. 5.]

10. Haeba re koetlisa lipelo tsa rōna hore li ananele lintho tsa moea, re rapella moea oa Molimo hore o re thuse ho sena, ke moo re tla qoba ho “beha kelello nameng.” (Baroma 8:6, 7) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 3/1 leq. 21 ser. 5.]

Araba lipotso tse latelang:

11. Ke tlaleho efe bukeng ea Liketso e bontšang hore ho ba le Lentsoe la Molimo le ho le bala ka bouena, ha hoa lekana hore u fumane tsebo e nepahetseng e kenyang motho tseleng e isang bophelong? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 9/1 leq. 19 ser. 16.]

12. Ke’ng se bontšoang ke ’nete ea hore Pauluse o ile a ngola, a re: “Ba nang le matla a ho laela ba lutse ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng”? (Baroma 13:1) [kl-SU leq. 131 ser. 7]

13. Ho Liketso 11:26, ke hobane’ng ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike e sebelisa poleloana “ba ileng ba bitsoa Bakreste ka tataiso ea Molimo,” athe liphetolelo tse ling tsa Bibele ha li akarelletse maikutlo a “tataiso ea Molimo”? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 6/1 leq. 19 ser. 19.]

14. Ke tumelo efe e matla ea Lipaki tsa Jehova e li susumelletsang hore e be bahoeletsi ba chesehang le baabi ba Bibele? [jv-SU leq. 603 ser. 3]

15. Ho Liketso 17:11 ho khothalletsoa thuto ea botho e joang? [si-SU leq. 205 ser. 38]

16. Lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Roma, Pauluse o ile a tiisa eng ka Bajuda le bao e seng Bajuda? [si-SU leq. 206 ser. 2]

17. Ho ea ka Baroma 12:2, matla a Lentsoe la Molimo a fetola botho ba Bakreste ho fihlela hokae? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 4/1 leq. 16 ser. 3.]

18. ‘Sephiri se halalelang’ se boleloang ke Pauluse ho Baroma 11:25, ke eng? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w84-SU 2/1 leq. 15 ser. 16.]

19. Ke hobane’ng ha ho lokile hore phutheho ea Bokreste e khaole bafosi ba sa bakeng? (1 Bakor. 5:11, 13) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona g96-SU 9/8 leq. 29 lir. 2-3.]

20. Ho bokella mashala hloohong ea sera ke thuso joang bakeng sa ho hlōla bobe? (Baroma 12:20, 21) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona g86-SU 2/8 leq. 21 ser. 5.]

Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Filipi o ile a hlalosetsa leqhalaha la Ethiopia kamoo boprofeta ba ․․․․․․․․ bo phethahetseng kateng, ’me ha le behoa leseling, ka boikokobetso le ile la kōpa ho ․․․․․․․․. (Lik. 8:28-35) [si-SU leq. 204 ser. 33]

22. Ha ho ne ho buisanoa ka taba ea ․․․․․․․․, ․․․․․․․․ o ile a tšehetsa qeto ea hae ka ho re: “’Me mantsoe a Baprofeta a lumellana le sena, feela joalokaha ho ngoliloe.” (Lik. 15:15-18) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona si-SU leq. 204 ser. 33.]

23. Motheo feela oa Mangolo oa tlhalo ke ․․․․․․․․. (Mat. 19:9) [td-SU 22A]

24. Ho ea ka papiso ea Pauluse ea sefate sa mohloaare sa tšoantšetso e ho Baroma khaolo ea 11, joalokaha meloko e 12 ea Baiseraele e hlahile ho Abrahama ka Isaka, ka ho tšoanang meloko ea tšoantšetso e 12 ea ․․․․․․․․ e hlaha ho ․․․․․․․․ ka ․․․․․․․․. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w84-SU 2/1 leq. 14 ser. 15.]

25. E ne e le ka July 1917, ka mor’a lefu la Russell ha Mokhatlo oa Watch Tower o lokolla buka ea ․․․․․․․․, eo e leng tlhaloso ea ․․․․․․․․ le ․․․․․․․․ hammoho le ․․․․․․․․. [jv-SU leq. 647 ser. 2]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Ka puo ea hae e ho Liketso khaolo ea 17, Pauluse o paka ka masene (bobusi ba; ho loka ha; lerato la) Molimo ea phelang. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona si-SU leq. 204 ser. 37.]

27. (Pauluse; Petrose; Luka) ka mofuthu o ile a babatsa batho ba (Berea; Macedonia; Jerusalema), a ba bitsa ba ‘bulehileng likelello haholoanyane.’ (Lik. 17:11) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 5/1 leq. 14 ser. 3.]

28. Leshano, kapa bohata, le boletsoeng ho Baroma 1:25 le bolela (borapeli ba litšoantšo; mekhoa e litšila ea ho kopanela liphate; ho tloaela leshano). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 11/15 leq. 6 ser. 6.]

29. Ka 1878, C. T. Russell le metsoalle ea hae ba ile ba thulana le teko e khōlō ea tumelo le botšepehi ba bona Lentsoeng la Molimo. Khang e ne e le (hore na “lekhoba le tšepahalang le le masene” ke mang; ho ba teng ho sa bonahaleng ha Jesu; molemo oa sehlabelo oa nama ea Jesu le mali a hae [jv-SU leq. 619 ser. 3]

30. Pauluse o ngotse lengolo la hae la pele le eang ho Bakorinthe ha a le (Roma; Efese; Korinthe) hoo e ka bang ka selemo sa (52; 55; 56) C.E. [si-SU leq. 210 ser. 3]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Pes. 73:28; Liprov. 24:3; Esa. 65:13; Lik. 10:34, 35; 2 Bakor. 12:7-9

31. Joaloka bahlanka ba Jehova, re lokela ho talima batho ba merabe eohle kamoo a ba talimang kateng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 5/15 leq. 16 ser. 6.]

32. Bibele e fana ka melao-motheo e kang lithulusi tse nolofalletsang motho ho haha lelapa le thabileng. [kl-SU leq. 140 ser. 3]

33. Ba atamelang Jehova ba thabela thabo ea ’nete le khotso ea kelello. [kl-SU leq. 15 ser. 3]

34. Ho theosa le histori, Jehova o ’nile a fana ka lijo tsa moea ho batho ba hae e le sehlopha. [kl-SU leq. 162 ser. 6]

35. Jehova a ka ’na a lumella hore boemo bo lekang bo tsoele pele ka nakoana, empa o hlile o arabela lithapelo ’me o tseba nako e molemohali ea ho etsa joalo. [kl-SU leq.156 ser. 15]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela