Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka May: Peeletso ea selemo ea Molula-Qhooa ka poso ka monehelo oa R48,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R24,00. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Moo peeletso e hanoang, nehelana ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le limakasine tse peli ka monehelo oa R6,00. June: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R15,00, kapa Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R7,50. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang ka monehelo oa R1,20 e le ’ngoe: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng. Moo ho loketseng ho ka nehelanoa ka libukana tsa Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? le Will There Ever Be a World Without War?
◼ Ho qala bekeng ea la 21 September, 1998, ho tla ithutoa letoto la libukana Thutong ea Buka ea Phutheho, ’me ho tla qaloa ka Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
◼ Kaha ha re sa romella liaparo tse ngata tsa khale tse nehetsoeng makaleng a haufi, ka kōpo le se nehelane ka liaparo tsa khale bakeng sa morero ona ho fihlela ho fanoa ka tsebiso. Leha ho le joalo, haeba u rata ho nehelana ka liaparo tsa khale kapa tse ncha tsa boleng bo botle, tse hloekileng ho lelapa la Bethele, u ka etsa joalo.