Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/98 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 10/98 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka October: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! November: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 bakeng sa buka e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e nang le sekoahelo sa pampiri. December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng hammoho le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R9,00 ha ho nehelanoa ka buka e sekoahelo se thata le R7,75 ha ho nehelanoa ka buka e nang le sekoahelo sa pampiri. January: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste hammoho le Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R19,00, kapa hammoho le Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R11,50.

◼ Kenyelletso e tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ke “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1999” ’me e lokela ho bolokoa bakeng sa litšupiso ka 1999.

◼ Haeba linako tsa liboka tsa phutheho ea lōna li tla fetoha ka la 1 January, ho ka ’na ha hlokahala hore le odare limemo tse ncha tse bontšang linako tse fetohileng tsa liboka.

◼ Ka Moqebelo oa la 17 October, 1998, Lehae la Bethele le fektheri li tla be li koetsoe bakeng sa ho hloekisoa. Ho ke ke ha e-ba le litokisetso tsa hore batho ba bontšoe mohaho kapa tsa hore liphutheho li late lingoliloeng ka letsatsi leo.

◼ Joale liphutheho li ka odara temana ea selemo ea 1999 ka Seafrikanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa le Sezulu ka monehelo oa R16,00 e le ’ngoe, ’me e tla lefisoa ak’haonteng ea libuka. Liphutheho tse nang le khaello ea chelete liak’haonteng tsa tsona tsa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le liodara tsa tsona. Ho etsoa tlhahiso ea hore liphutheho tsohle li manehe temana e ncha ea selemo ka la 1 January, 1999.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1999 hammoho le liodara tsa tsona tsa kamehla tsa libuka ho tloha ka la 1 October. Libukana tsena li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sechichewa, Sefora, Segerike, Sejeremane, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela ha libukana tsena li fumaneha ’me li romeloa, ho tla ’ne ho ngoloe “Back Ordered” ho li-invoice tsa liphutheho. Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa ak’haonteng ea libuka ka R2,50 e le ’ngoe, e leng theko ea bahoeletsi le bo-pula-maliboho. Bo-pula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng ba bileng lethathamong pele ho la 1 July, 1998, ba ka fumana kopi e le ’ngoe e sa lefelloeng. Liphutheho tse se nang liak’haonte ho Mokhatlo kapa tse nang le khaello ea chelete liak’haonteng tsa tsona tsa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le liodara tsa tsona. Ho lokela hore ho tlatsoe foromo e ’ngoe e ka thōko ea Tefello le Kōpo ea Phokoletso (S-AB-20) e bontšang likopi tse sa lefelloeng tsa bo-pula-maliboho. Tsena li lokela ho odaroa ka phutheho. RE KHOTHALLETSA SETHO SE SENG LE SE SENG SA LELAPA, HO AKARELLETSA LE BANA BA TSEBANG HO BALA, HO BA LE LIKOPI TSA BONA TSA BUKANA ENA.

◼ Mokhatlo o lakatsa ho leboha bohle ba ileng ba nehela Letlōleng la Maeto a Baromuoa la 1998, kaha ka kakaretso baromuoa le Bahlanka ba Machaba ba 55 ba ile ba khona ho boela ha habo bona bakeng sa likopano. Ka hona ha ho sa tla hlokahala monehelo letlōleng lena. Menehelo ea lōna mosebetsing oa ’Muso e ananeloa ka ho tebileng.

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Matsatsi a kopano ea setereke e latelang a fetotsoe:

La 1-3 January, 1999: Gaborone

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Watch Tower Publications Index 1997 (phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho:R2,50)—Senyesemane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela