Ruta ba Bang ho Ithuisa Molemo
1 Jehova o batla hore batho bohle ba ithuise molemo. (Esa. 48:17) Oa tseba hore na ke eng e re tlisetsang thabo ea ’nete. O lakatsa ka tieo hore batho ba qobe tsietsi le hore ba thabele bophelo ka ho ela hloko litaelo tsa hae. Re ithuisa molemo haholo ka ho phela bophelo ba rōna ka tsela ea Molimo. (Pes. 34:8) Re ka ruta ba bang joang hore ba etse se tšoanang?
2 Batho ba Batla Eng? Ke eng eo beng ba matlo ba amehileng ka eona moo u lulang teng? Na hase ho sireletseha ha mahae a bona, ho tiea ha manyalo a bona, bokamoso ba bana ba bona le litaba tse tšoanang le tseo? Ha ba e-na le mathata, ba retelehela hokae bakeng sa thuso? Ba ka ’na ba itšetleha ka bobona, ba itšetleha ka mananeo a itseng a ho ithusa, kapa ba retelehela tataisong ea ba bang. Ha ba ntse ba etsa joalo, ba bangata ba sala ba ferekantsoe ke ho se lumellane le ho se sebetse ha likhopolo tse mabapi le mokhoa oa ho ithuisa molemo. Re tlameha ho ba kholisa hore seo Lentsoe la Molimo le fanang ka sona e le tataiso se molemo haholo. (Pes. 119:98) Re ka etsa sena ka ho ba bontša kamoo ba ka ntlafatsang boleng ba bophelo ba bona kateng le hona joale haeba ba etsa boiteko ba ho ithuta Bibele le ho sebelisa seo e se bolelang.—2 Tim. 3:16, 17.
3 Bophelo ba Lelapa bo Ntlafetseng: Ke batho ba fokolang ba hlokomelang kamoo keletso e bululetsoeng e ho Baefese 5:22–6:4 e hlileng e sebetsang kateng mabapi le ho rarolla mathata a lelapa. Ho bile joalo ka banyalani ba bang bao, ka mor’a hore ba be lenyalong ka lilemo tse leshome, ba ileng ba etsa qeto ea hore ba arohane. Leha ho le joalo, ho ile ha qaloa thuto ea Bibele le mosali, ea ileng a rutoa melao-motheo ea Mangolo ka bophelo ba lenyalo. Kapelenyana monna o ile a hlokomela liphetoho tseo a neng a li etsa ha a sebelisa melao-motheo ea Bibele, ’me monna a kopanela thutong. Hamorao o ile a re: “Hona joale re fumane motheo bakeng sa bophelo ba lelapa bo thabileng e le kannete.”
4 Morero oa Sebele Bophelong: Ha mohlankana e mong ea lemaletseng lithethefatsi a ne a batla thuso ho Lipaki, o ile a rutoa hore Jehova oa mo tsotella e le motho. O ile a re: ‘Ke ile ka ithuta hore ’Mōpi o na le morero ka motho le hore o tšoaretse bao a ba amohelang bophelo bo sa feleng. U ke ke ua kholoa hore na ke ile ka ikutloa ke thabile hakaakang ka sena. Kajeno ke phela hantle ’meleng, ke na le khotso ea kelello hape ke na le kamano e haufi-ufi le Molimo.’
5 E mong le e mong a ka rua molemo thusong e sebetsang e fumanoang Lentsoeng la Molimo. Ka ho le sebelisa e le lona le re tataisang, re tiisa hore tsela ea Jehova ke eona e phahametseng litsela tsa lefatše. (Pes. 116:12) Ke tokelo ho rōna hore re fetisetse molaetsa ona ho ba bang, re ba rute ho ithuisa molemo. Ha re etsa joalo, re tla bona litholoana tse ngata tse ntle.