Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka August: Ho ka fanoa ka bukana leha e le efe e maqephe a 32 ka monehelo oa R1,20 bukana ka ’ngoe ho tse latelang: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha Re E-shoa?, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso o Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Libukana tsa Buka ea Batho Bohle, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? le Will There Ever Be a World Without War? li ka fanoa moo ho loketseng. September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 e sekoahelo sa pampiri. October: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka monehelo oa R1,00 e le ’ngoe. November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka monehelo oa R1,20 kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 e sekoahelo sa pampiri. Tse ling tseo ho ka fanoang ka tsona: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R4,00.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Le selemong sena ho tla ba le lenaneo lohle la Seafrikanse kopanong ea setereke ea Durban. Ho tla ananeloa haholo haeba libui tse tšoanelehang tsa Seafrikanse li ka etsa hore li fumanehe. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kemiso e lokelang ho lateloa, bona lengolo le eang ho Lihlopha Tsohle tsa Baholo, la la 15 March, 1999.
◼ Ho tloha ka la 28 August, 1999, ho ea ho la 31 August, 1999, Mokhatlo o tla bala setoko sa libuka tsohle tse teng Bethele. Ka lebaka la ho baloa hona ha setoko, ho ke ke ha etsoa liodara tsa liphutheho bakeng sa ho isoa kapa ho latoa nakong ea matsatsi ao.
◼ Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e tla amohela liforomo tse tharo tsa Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka (S-AB-18). Mongoli oa phutheho o lokela ho kopana le mohlanka oa libuka mathoasong a August ’me a behe letsatsi la ho bala lingoliloeng tse setokong sa phutheho mafelong a khoeli. Ho lokela hore ho hle ho baloe lingoliloeng tsohle tse setokong, ’me palo-kakaretso e kenngoe foromong ea Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka. Palo-kakatsetso ea limakasine tse teng e ka fumanoa ho mohlanka oa limakasine. Ka kōpo tiisang hore sena se etsoa pele ho la 1 September ’me le romele leqephe le ka holimo ho Mokhatlo kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a ho fumana setatemente sa lōna sa August. Le ipolokele kopi ea k’habone lifaeleng tsa lōna. Kopi ea boraro e ka sebelisoa e le leqephe leo ho sebeletsoang ho lona. Ho tlatsoa ha leqephe la manane a libuka ho lokela ho okameloa ke mongoli, ’me foromo e tlatsitsoeng e lokela ho hlahlojoa ke molebeli ea okamelang. Mongoli le molebeli ea okamelang ba tla tekena foromo ena.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara libeche tsa kopano ea setereke ea 1999 odareng ea tsona ea August. Libeche li tla fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Libeche ke thepa ea setoko se laoloang ’me li tla lefisoa ak’haonteng ea libuka ea phutheho ka lisente tse 10 e le ’ngoe. Ka kōpo odarang ka lihlopha tsa tse 20 ha ho khoneha. Liphutheho tse se nang ak’haonte ea libuka le Mokhatlo kapa tse nang le khaello ak’haonteng ea tsona li lokela ho romela chelete le odara ea tsona. Liodara tsena li lokela ho fihla ho Mokhatlo pele ho la 1 November, 1999. Ka morao ho moo re ke ke ra sebetsa liodara tsa libeche.