Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/00 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 2/00 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. April le May: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Lula u e-na le bukana ea Seo a se Hlokang bakeng sa batho ba thahasellang, ’me u leke ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele.

◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba tšebetso ea bo-pula-maliboho bohle ba kamehla. Haeba ho e-na le ba thatafalloang ke ho finyella lihora tse hlokoang, baholo ba lokela ho lokisetsa hore ba thusoe. Bakeng sa litlhahiso, hlahlobang mangolo a selemo le selemo a Mokhatlo a S-201 a la 1 October. Bona le serapa sa 12-20 kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso (ea Senyesemane) ea August 1986.

◼ Mongoli o lokela ho bona hore Komiti ea Libaka ea Kaho e lula e behiloe leseling ka boemo ba bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba faneng ka liforomo tsa Kingdom Hall Volunteer Worker Questionnaire (S-82). Ha ho e-na le liphetoho boemong ba moithaopi, joaloka ba ha motho a falla kapa a khethoa e le mohlanka ea sebeletsang kapa moholo, ho lokela ho tlatsoe liforomo tse ncha hang-hang ’me ho fanoe ka tsona. Haeba aterese ea poso kapa nomoro ea thelefono ea moithaopi e fetoha, kapa haeba a se a se boemong bo botle le phutheho, baholo ba lokela ho tsebisa komiti ea libaka ka lengolo kapele-pele.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000 ka kōpo ea tsona ea libuka ea February. Buka ea Selemo ea 2000 e tla fumaneha ka Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela libuka tsena li fumaneha ’me li romelloa, li tla hlaha e le “Pending” letotong la lintho tse romelloang phutheho.

◼ Ho tloha ka beke ea la 17 April, 2000, re tla ithuta Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! Thutong ea Buka ea Phutheho.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Ela Hloko Boprofeta ba Daniele—Seafrikanse, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepedi, Sepolishe, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu

New World Translation of the Holy Scriptures (bi12)—Sexhosa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela