Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōlōanyane
Liphutheho tse latelang li hloka baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho. Na ua fumaneha? Ka kōpo iteanye le Mokhatlo bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng.
Clocolan: Phutheho ena e nyenyane ha e khone ho koahela tšimo ea eona e behang litholoana. Ho hlokahala malapa a matla kapa bo-pula-maliboho, haholo-holo barab’abo rōna.
Dennilton: Phutheho ena e na le tšimo e khōlō. Ho hlokahala malapa a matla le bo-pula-maliboho hore ba koahele tšimo ena le ho etella pele ka phuthehong.
Dzumeri, ka leboea ho Tzaneen: Phutheho e nyenyane ea bahoeletsi ba 10 e nang le tšimo e khōlō. Ho hlokahala mo-holo kapa mohlanka ea sebeletsang ea nang le lelapa le matla.
Folovhodwe: Ho na le bahoeletsi ba robong feela sehlopheng sena se ka thōko. Ho hlokahala bo-pula-maliboho hore ba hlokomele batho ba thahasellang.
Van Stadensrus, haufi le Wepener: Ho na le morali’abo rōna ea etellang pele sehlopheng sena se senyenyane se ka thōko. Ho hlokahala bo-pula-maliboho, baholo, kapa bahlanka ba sebeletsang hore ba etelle pele ’me ba sebetse tšimo ena e behang litholoana.